Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 32:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Morena Jehova o re: Ke se ke tla ala matlowa a ka hodima hao, phuthehong ya ditjhaba tse ngata, mme di tla o ntsha metsing ke letlowa la ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 “Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ka matshwele a ditjhaba tse ngata, ke tla akgela letlowa la ka, ke le akgele hodima hao, ka letlowa lena a o hulele kantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 32:3
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na ke lewatle, kapa, a ke drakone, ha o beile balebedi ho ntebela na?


Hobane motho ha a tsebe nako ya hae, jwalokaha a se tsejwe le ke dihlapi tse tshwaswang ke letlowa le di bolayang, le ke dinonyana tse pitlwang difing; bana ba batho ba ye ba tshwaswe jwaloka tsona nakong ya tlokotsi, ha e ba wela ka sehloho.


Bonang, ke tla bitsa batshwasi ba bangata, ho bolela Jehova, mme ba tla ba tshwasa; hamorao, ke tla roma ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle le maralleng wohle le mapetsong a mafika.


A le nqalong e phahamileng ya hae, o rometse mollo masapong a ka, o a qetile; a tjhehela maoto a ka leraba, a nkgutlisa kasanthao, a nneela tshenyehong, ke tle ke shwe ka matsatsi wohle.


Ke tla ala letlowa la ka hodima hae, a tshwaswe sefing sa ka, ke tle ke mo ise Babilona, naheng ya Bakalde; empa a ke ke a e bona, mme o tla shwela hona teng.


Ke tla mo alla letlowa la ka, a tle a tshwaswe sefing sa ka, mme ke tla mo isa Babilona; teng, ke tla isana nyeweng le yena ka baka la bolotsana boo a nketseditseng bona.


Ba re ba sa ya, ke tla tjheha leraba la ka kahodima bona, ke ba theole jwaloka nonyana e sebakeng, ke ba kgalemele kamoo ke tsebisitseng phutheho ya bona kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ