Ha ba robale ho bahale ba maqai ba weleng, ba theohetseng nqalong ya bafu ba hlomeletse ntwa, bao marumo a bona a neng a bewe tlasa dihlooho tsa bona; empa makgopo a bona a masapong a bona, hobane e ne e le bona letsoso la bahale lefatsheng la ba utlwang.
Edomo o teng, le marena le marenana wohle a hae, a beilweng le ba bolailweng ke lerumo, leha e ne e le bahale. Le bona ba robetse ho maqai le ho ba theohetseng sehokong.