Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 32:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 O beetswe malao mahareng a ba bolailweng hammoho le bongata bohle ba hae; o teetswe hare ke mabitla a batho ba hae. Kaofela ha bona ke maqai, ba bolailwe ke lerumo, hobane letsoso la bona le ne le hasane lefatsheng la ba utlwang, mme ba jere dihlong tsa bona hammoho le ba theohetseng sehokong; ba beilwe hara ba bolailweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Elame e abetswe diphate hara ba bolailweng le mabotho wohle a yona. E teetswe hare ke mabitla a bona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole. Le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng, jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng lebitleng. Elame e beilwe hara ba bolailweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 32:25
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le se ke la e bolela Gathe, le se ke la e tumisa mapatlelong a Ashkelone, esere barwetsana ba Bafilesta ba thaba, le barwetsana ba maqai ba nyakalla!


Yaba Saule o re ho lehlahana la hae: Pshemola sabole ya hao, o ntlhabe ka yona, esere mohlomong maqai ao a tla, mme a ntshoma. Empa lehlahana la hae la hana, kahobane le ne le tshohile haholo. Yaba Saule o nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


Ha nka nyolohela mahodimong, o teng; leha nka ya robala nqalong ya bafu, le moo o teng!


Na o feta mang ka botle? Theoha, a robale ho maqai.


Bahale ba hara dinatla ba bua le Egepeta le ba mo tlatsang, ba le nqalong ya bafu; maqai ao a dihilwe; a rapaletse, a bolailwe ke lerumo.


Elame le yena o teng le bongata bohle ba batho ba hae; ba teetse lebitla la hae hare. Ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo; ke maqai a theohetseng lefatsheng le katlase, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang; jwale, ba jere dihlong tsa bona hammoho le ba theohelang sehokong.


ao ka wona le nnileng la kenya bara ba baditjhaba, bao e leng maqai dipelong le maqai nameng, sehalalelong sa ka ho se silafatsa, e leng ntlo ya ka, ha le ne le hlahisa bohobe ba ka, mafura le madi, hore ba tlole selekane sa ka ka ho ya ka manyala wohle a lona.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ha ho mora wa moditjhaba, eo e leng leqai pelong le leqai nameng, ya tla kena sehalalelong sa ka; ke bolela bara ba baditjhaba ba dutseng hara bana ba Iseraele.


Lona ba melala e thata, ba sa bollang dipelo le ditsebe, le hanela Moya o Halalelang kamehla; le tshwana le bontata lona.


Bona, ke se ke tla mo dihela diphateng, mme ba febileng le yena ke tla ba kenya tlokotsing e kgolo, ha ba sa baka diketsong tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ