Ezekiele 32:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)24 Elame le yena o teng le bongata bohle ba batho ba hae; ba teetse lebitla la hae hare. Ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo; ke maqai a theohetseng lefatsheng le katlase, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang; jwale, ba jere dihlong tsa bona hammoho le ba theohelang sehokong. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE24 “Elame le yona e teng, mabotho a yona a teetse lebitla la yona hare. Kaofela ha bona ba bolailwe ka sabole, ba theohela Nqalong ya Bafu e ntse le maqai; bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng; jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng mohohlong. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
e le hore difate tsohle tse hlomilweng pela metsi di se ke tsa ikgohomosa ka boholo ba tsona, di se ke tsa bonahatsa dintlha tsa tsona hara maru, mme difate tsohle tse nwang metsi di se ke tsa tiisetsa boikakasong ba tsona; etswe tsohle e le tse neetsweng lefu, hore di theohele lefatsheng le katlase, baneng ba batho, hammoho le ba theohelang sehokong.
O beetswe malao mahareng a ba bolailweng hammoho le bongata bohle ba hae; o teetswe hare ke mabitla a batho ba hae. Kaofela ha bona ke maqai, ba bolailwe ke lerumo, hobane letsoso la bona le ne le hasane lefatsheng la ba utlwang, mme ba jere dihlong tsa bona hammoho le ba theohetseng sehokong; ba beilwe hara ba bolailweng.
Marena wohle a Leboya a teng le wona, le Basidone bohle; ba theohetse sehokong hammoho le ba bolailweng, ba le dihlong, leha e ne e le bao bohale ba bona bo neng bo hasa letsoso la bona; ke maqai a tla robala ho ba bolailweng ke lerumo, ba tla jara dihlong tsa bona hammoho le ba theohetseng sehokong.