Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 32:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mabitla a bona a beilwe bodibeng ba sehoko, setjhaba sa hae se teetse lebitla la hae hare; ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Mabitla a bona a dikgotjheletsaneng tsa mohohlo, a teetse lebitla la Asiria hare. Bohle ba bolailweng ka sabole, ke bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 32:23
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motho a ke ke a lekanya bohlokwa ba jona; ha bo fumanwe lefatsheng la ba phelang.


Ke tla nne ke tsamaye pela sefahleho sa Jehova, lefatsheng la ba phelang.


Jehova, ke nyolosetsa mehoo ya ka ho wena, ke re: O setshabelo sa ka, o kabelo ya ka lefatsheng la ba utlwang.


Hola ke sa ka ka dumela hoba ke tla bona molemo wa Jehova lefatsheng la ba utlwang, nka be ke timetse!


ya entseng lefatshe nahathothe, ya rapaladitseng metse ya lona, ya sa kang a lokolla ba kgolehong ya hae na?


Ka ba ka re: Ha ke sa tla bona Jehova, Jehova, lefatsheng la ba utlwang; ha ke sa tla bona batho, ha ke le ho ba ahileng nqalong ya bafu.


Mme nna, jwaloka konyana e bonolo e iswang ho hlajwa, ke ne ke sa tsebe hobane ba ka rera morero bakeng sa ka, o reng: A re bolayeng sefate le dijo tsa sona, re mo epolle lefatsheng la ba utlwang, le lebitso la hae le tle le se ke la hlola le sa hopolwa.


Ba tla o binela kodiyamalla, ba re ho wena: O timetse jwang, wena ya neng a hahilwe hara mawatle, wena motse o tumileng, o neng o le matla lewatleng, wena le bohle ba ahileng ha hao, ba neng ba tshajwa ke bohle ba ahileng pela lewatle?


ke tla o lahlela hammoho le ba theohelang sehokong, ho ditjhaba tsa kgale, ke o ahise lefatsheng le tebileng, masuping a sa feleng, hammoho le ba theohetseng sehokong, hore o tle o se ke wa hlola o ahuwa: athe ke tla bea kganya lefatsheng la ba utlwang.


Hobane ke hasitse letsoso la hae lefatsheng la ba utlwang; ha ho le jwalo, Faro le bongata bohle ba batho ba hae ba tla robala ho maqai, hammoho le ba bolailweng ke lerumo: ho bolela Morena Jehova.


Haele wena, Ninive, Jehova o laetse, a re: Lebitso la hao ha le sa tla itswala. Tlung ya medimo ya hao ke tla tlosa setshwantsho se betlilweng le se tsholotsweng, mme ke tla o lokisetsa lebitla, hobane o lefeela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ