Ezekiele 32:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)18 Mora motho, bobola ka bongata ba batho ba Egepeta, o theolele Egepeta le baradi ba ditjhaba tse tumileng lefatsheng le katlase, hammoho le ba theohelang sehokong. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE18 “Wena ngwana motho, llela setjhaba sa Egepeta, ebe o se romela Nqalong ya Bafu mmoho le baradi ba ditjhaba tse ding tse matla, tse theohetseng mohohlong. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
e le hore difate tsohle tse hlomilweng pela metsi di se ke tsa ikgohomosa ka boholo ba tsona, di se ke tsa bonahatsa dintlha tsa tsona hara maru, mme difate tsohle tse nwang metsi di se ke tsa tiisetsa boikakasong ba tsona; etswe tsohle e le tse neetsweng lefu, hore di theohele lefatsheng le katlase, baneng ba batho, hammoho le ba theohelang sehokong.