Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 31:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Dikedare tse ding tsa tshimo ya Modimo di ne di sa e fete; dikiprese le tsona di ne di se na ho lekanngwa le makalana a yona, disikomora di ne di sa lekane le makala a yona; ho ne ho se sefate tshimong ya Modimo se neng se tshwana le yona botleng ba yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Kedare tsa rapa sa Modimo di ne di sa e fete, le fate tsa hoki di sa ke makala a yona, le difate feela di sa ke makala a yona; botle ba difate tsa rapa sa Modimo bo ne bo ke ke ba ka botle ba yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 31:8
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora.


Ke bone e mobe a iphile matla, a phahamile jwaloka sefate se fupuhang naheng ya sona;


dithaba tsa kgurumetswa ke moriti wa wona, makala a wona a eba jwaloka dikedare tsa Modimo,


ponahalo ya hae e ka ya Lebanone, e kgethehile jwaloka ya dikedare. Lentswe la hae le monate haholo, mme botho ba hae kaofela ke bo kgahlisang.


Ka mokgwa o jwalo, Jehova o utlwetse Sione bohloko, o utlwetse nqalo tsohle tsa hae tse senyehileng bohloko; o fetotse nahathothe ya hae ya eba jwaloka Edene, le naha ya hae e omeletseng o e entse serapa sa Jehova. Thabo le nyakallo di fumanwa teng, ka difela le dipina.


O ne o le Edene, tshimong ya Modimo; o ne o apesitswe ka mahakwe wohle a mefuta, a bohlokwa, e leng rubise, topase, daemane, krisolithe, onikse, jaspe, safire, karbunkele, emerauta le kgauta. Ha hao, ho ne ho lokisitswe tshebetso ya meropa le ya diphala, haesale o hlaha.


Ka modumo wa ho wa ha yona ka thothometsa ditjhaba, mohla ke e dihelang nqalong ya bafu hammoho le ba theohelang sehokong; hoo ya eba tshediso lefatsheng le katlase, ho difate tsohle tsa Edene le ho tse kgethilweng, tse ntle, tsa difate tsa Lebanone, e leng tsohle tse neng di enwa metsi.


Oho, o tshwana le mang, ha o le jwalo, ka kganya le ka boholo, hara difate tsa Edene? O tla dihelwa lefatsheng le katlase, hammoho le difate tsa Edene, o rapalatswe hara maqai hammoho le ba bolailweng ke lerumo. Faro o tla dula jwalo hammoho le bongata ba batho ba hae: ho bolela Morena Jehova.


Bona, Assiria e ne e le kedare ya Lebanone, e ntle mahlomeleng a yona, e etsetsang moru moriti, e telele ho holeng ha yona, eo ntlha ya yona e neng e bonahala hara maru.


E ne e le ntle ka boholo ba yona le ka bolelele ba makala a yona, hobane metso ya yona e ne e le pela metsi a mangata.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ