Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 31:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Bona, Assiria e ne e le kedare ya Lebanone, e ntle mahlomeleng a yona, e etsetsang moru moriti, e telele ho holeng ha yona, eo ntlha ya yona e neng e bonahala hara maru.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Bona Asiria eo e ne e le kedare ya Lebanone, e makala a matle, a thathaletseng; e ne e phahame haholo, e fihla marung, e tswile ka mahetla hara mahlaku a teteaneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 31:3
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba lokileng ba mela jwaloka sefate sa palema, ba hola jwaloka kedare ya Lebanone.


O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Lebanone ka makoloi a ka a mangata; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.


O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang metsing; leha ho ka tla komello, ha se utlwe letho, le mahlaku a sona a ntse a le matala; le selemong sa letsatsi ha se tshabe letho, ha se lese ho beha ditholwana.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya kgalemela morena wa Babilona le lefatshe la hae, jwalokaha nkile ka kgalemela morena wa Assiria.


Morena Jehova o re: Empa nna, ke tla nka lekala ntlheng e phahameng ya kedare, ke le hlome fatshe; lekaleng le leholo la yona, ke tla kga letlobo la lona, ke le hlome thabeng e telele, e phahameng.


o ne o ena le makala a matla, ya eba mare a borena. O ne o phahame mahareng a dintlha tsa difate tse mahlaku, o ntse o bonahala ka ho phahama ha wona, le ka bongata ba makala a wona.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o itse: Erekaha e iphahamisitse ka boholo ba yona, e bonahaditse ntlha ya yona hara maru, mme pelo ya yona e iphahamisitse boikakasong ba yona,


Ka modumo wa ho wa ha yona ka thothometsa ditjhaba, mohla ke e dihelang nqalong ya bafu hammoho le ba theohelang sehokong; hoo ya eba tshediso lefatsheng le katlase, ho difate tsohle tsa Edene le ho tse kgethilweng, tse ntle, tsa difate tsa Lebanone, e leng tsohle tse neng di enwa metsi.


Le tsona tsa theohela nqalong ya bafu hammoho le yona, ho ba bolailweng ke lerumo, le ho bao e neng e le letsoho la yona, ba neng ba ahile moriting wa yona hara ditjhaba.


Ka baka leo, ya nna ya ikgohomosa kamoo e neng e feta difate tsohle tsa naha kateng, ka bolele; mahlomela a yona a nna a ata, makala a yona a nna a hola, hobane e ne e mediswa ke metsi a mangata.


Makaleng a yona, dinonyana tsohle tsa tla etsa matlo a tsona, diphoofolo tsohle tsa naha tsa tla tswalla tlasa makala a yona, ha ikahela ditjhaba tsohle moriting wa yona.


Dikedare tse ding tsa tshimo ya Modimo di ne di sa e fete; dikiprese le tsona di ne di se na ho lekanngwa le makalana a yona, disikomora di ne di sa lekane le makala a yona; ho ne ho se sefate tshimong ya Modimo se neng se tshwana le yona botleng ba yona.


Assiria le yena o teng le setjhaba sohle sa hae; o teetswe hare ke mabitla a bona; ba bolailwe kaofela, bohle ba dihilwe ke lerumo.


Jwale, dipono tse itlhahisitseng moyeng wa ka, ha ke robetse, ke tsena:


mahlaku a sona a le matle, ditholwana tsa sona di le ngata, se ena le dijo tsa bohle; diphoofolo tsa naha di ne di etla moriting wa sona, dinonyana tsa lehodimo di ne di haha makaleng a sona, dibopuwa tsohle di ne di bona dijo ho sona.


Yaba ho tliswa babohlale, le dinohe, le Bakalde, le balepi ba dinaledi; ka ba bolella toro, empa ba sitwa ho nkwahollela yona.


Hape, Jehova o tla otlollela letsoho la hae ka nqa leboya, a timeletse Assiria, a fetole Ninive nahathothe le sebataolo se jwaloka lefeella!


Lebanone, bula dikgoro tsa hao, mollo o tle o tjhese dikedare tsa hao.


Bokolla, kiprese, hobane kedare e wele, hobane difate tse phahamileng di sentswe. Bokollang, lona dieike tsa Bashane, hobane moru o sa kenweng o dihilwe!


Moutlwa wa re ho difate: Ha ekaba ke ka nnete le ntlotsang hore ke be morena wa lona, tlong, le tshabele moriting wa ka; ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe moutlweng, o je dikedare tsa Lebanone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ