Ezekiele 31:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)16 Ka modumo wa ho wa ha yona ka thothometsa ditjhaba, mohla ke e dihelang nqalong ya bafu hammoho le ba theohelang sehokong; hoo ya eba tshediso lefatsheng le katlase, ho difate tsohle tsa Edene le ho tse kgethilweng, tse ntle, tsa difate tsa Lebanone, e leng tsohle tse neng di enwa metsi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE16 Ka etsa hore ditjhaba di thothomele ha di utlwa modumo wa ho wa ha kedare eo, ha ke e lahlela ka lebitleng mmoho le ba theohelang mohohlong. Jwale difate tshole tsa Edene, le tse ntlentle, tse kgahlehang tsa Lebanone, tsohle tse nwesetswang, tse ka mohohlong, di tla thabela ho wa ha kedare eo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
bonang, leha ho le jwalo, ho tla siuwa teng ba phonyohileng, e leng bara le baradi ba tlang ho ntshetswa kantle; bonang, ba tla tswela ho tla ho lona, mme le tla bona metsamao le mesebetsi ya bona, le tshedisehe bakeng sa bobe bohle boo ke bo tlisetsang Jerusalema, e leng tsohle tseo ke mo tlisetsang tsona.
e le hore difate tsohle tse hlomilweng pela metsi di se ke tsa ikgohomosa ka boholo ba tsona, di se ke tsa bonahatsa dintlha tsa tsona hara maru, mme difate tsohle tse nwang metsi di se ke tsa tiisetsa boikakasong ba tsona; etswe tsohle e le tse neetsweng lefu, hore di theohele lefatsheng le katlase, baneng ba batho, hammoho le ba theohelang sehokong.