Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 31:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Baditjhaba, ba thata hare ditjhaba, ba e remile, ba e tlohetse hona teng; mahlomela a yona a wetse dithabeng le dikgutlong tsohle, makala a yona a robehileng a wetse melapong yohle ya lefatshe, ditjhaba tsohle tsa lefatshe di suthile moriting wa yona, di e tlohetse hona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Baditjhaba ba sehloho ho feta ba bang ba tla e rema, ba e tlohele hona moo. Mahlaku a yona a tla wela hodima dithaba le ka dikgohlong, makala a yona a robehele ka dinokeng tsohle tsa naha eo. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tloha moriting wa yona, di ikele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 31:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

bona, ke tla o tlisetsa baditjhaba, ba thata hara ditjhaba; ba tla tsomola marumo a bona ho senya bohlale bo botle ba hao, ba silafatse bokgabane ba hao;


Yena hammoho le setjhaba sa hae, e leng setjhaba se thata hara ditjhaba, ba ya tliswa ho timetsa lefatshe; ba tla tsomola marumo a bona ho lwantsha Egepeta, ba tlatse lefatshe ka ba bolawang.


Ke tla pshesa dinoka, ke be ke neele lefatshe matsohong a ba babe; ka matsoho a baditjhaba ke tla senya lefatshe le tsohle tse ho lona: ke nna Jehova ya boletseng hoo.


Le tsona tsa theohela nqalong ya bafu hammoho le yona, ho ba bolailweng ke lerumo, le ho bao e neng e le letsoho la yona, ba neng ba ahile moriting wa yona hara ditjhaba.


Ka marumo a dinatla ke tla diha bongata ba batho ba hao. Ke bona ba leng thata hara ditjhaba; ba tla etsa bokgabane ba Egepeta lesupi, bongata bohle ba batho ba teng bo timetswe.


Erekaha o ne o hloile bana ba Iseraele ka hloyo e sa feleng, wa ba wa ba neela lerumo, mohla kotlo ya bona, mohla e seng e le bofelo ba bokgopo ba bona,


Ke tla tlatsa thaba tsa hae ka babolauwa ba hae. Maralleng a hao, le dikgutlong tsa hao, le melapong yohle ya hao, ho tla wela ba bolailweng ka lerumo.


O tla wela dithabeng tsa Iseraele, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse leng ho wena. Ke tla o neela manong le tsohle tse fofang le diphoofolo tsa naha, ho ba dijo tsa tsona.


Mme tseo ke tla di neela baditjhaba hore ba di hape, ke di neele ba fetisang ka bokgopo lefatsheng, hore ba di hlwibile, ba di silafatse.


Ke ne ke tadima, mme ka bona ho le sefate mahareng a lefatshe, se phahamileng haholoholo; sefate seo se ne se le seholo, se medile ka matla, ntlha ya sona e ne e ama lehodimo, se ne se bonahala le ho ba leng pheletsong ya lefatshe;


Jwale, se ye se fete jwaloka moya, se tswele pele, se be se be le molato, hobane matla ao a sona ke modimo wa sona.


Hobane ke se ke ya tsosa Bakalde, setjhaba seo se bohale, se mafolofolo, se haholang bophara bohle ba lefatshe, ho hapa dinaha tseo e seng tsa sona.


Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng ho sebata, di tla hloya seotswa, di se fedise, di se hlobodise, di je nama tsa sona, mme di se tjhese mollong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ