Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 31:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha ho le jwalo, Morena Jehova o itse: Erekaha e iphahamisitse ka boholo ba yona, e bonahaditse ntlha ya yona hara maru, mme pelo ya yona e iphahamisitse boikakasong ba yona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 “ ‘Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane kedare eo e ile ya iphahamisetsa hodimo, ya tswa ka mahetla hara mahlaku a teteaneng, le kahobane e ne e ikgantsha ka bophahamo ba yona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 31:10
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O itse: Bona, ke hlotse Baedomo! mme pelo ya hao e o kakasitse hore o ithorise. O mpe o dule ha hao jwale; o ikenyetsang bomadimabeng, hore ho we wena le Juda hammoho?


Empa Esekiase ha a ka a busetsa ho Modimo ho lekanang le tshitso e mo tletseng, hobane pelo ya hae e kile ya ikakasa; yaba Jehova o a mo halefela, yena, le Juda, le Jerusalema.


Boikgohomoso bo etella timelo pele, boikgantsho bo isa ho weng.


Tshenyeho ha e tla hlaha, pelo ya motho e ye e ikgohomose, empa boikokobetso bo etella hlompho pele.


Etlare hobane Morena a qete mosebetsi wohle wa hae thabeng ya Sione le Jerusalema, ke tla otla morena wa Assiria ka baka la ditholwana tsa boikgohomoso ba pelo ya hae, le ka baka la boikgantsho ba mahlo a hae.


Pelo ya hao e ne e ikgohomositse ka botle ba hao, o ne o bodisitse bohlale ba hao ka baka la bokgabane ba hao; ke o dihetse fatshe ke hona, ke o beile pela marena ho hoboswa.


e le hore difate tsohle tse hlomilweng pela metsi di se ke tsa ikgohomosa ka boholo ba tsona, di se ke tsa bonahatsa dintlha tsa tsona hara maru, mme difate tsohle tse nwang metsi di se ke tsa tiisetsa boikakasong ba tsona; etswe tsohle e le tse neetsweng lefu, hore di theohele lefatsheng le katlase, baneng ba batho, hammoho le ba theohelang sehokong.


Bona, Assiria e ne e le kedare ya Lebanone, e ntle mahlomeleng a yona, e etsetsang moru moriti, e telele ho holeng ha yona, eo ntlha ya yona e neng e bonahala hara maru.


A howa ka lentswe le phepa, a bolela, a re: Remang sefate, le hlaphole makala a sona; fohlang mahlaku a sona, le hasakanye ditholwana tsa sona, diphoofolo di balehele moriti wa sona, dinonyana tsa lehodimo di tlohe makaleng a sona.


yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?


Empa mohla pelo ya hae e kokomohang, mme moya wa hae o ikgohomosang ho isa nyefolong, a tloswa teroneng ya hae ya borena, a amohuwa kganya ya hae;


Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya ahileng mafarung a mafika, tlung ya hao e phahameng, o reng ka pelong ya hao: Ke mang ya tla ntihela fatshe?


E mong le e mong ya iphahamisang, o tla kokobetswa, mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla phahamiswa.


Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ