Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 30:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Tsatsing leo, ho tla tloha ho nna ka dikepe manqosa, a tla ya tshosa Kushe ya iketlileng, mme ba tla kudupana ke bohloko jwaloka mohla kotlo ya Egepeta; bonang, hoo ho fela ho ya tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 “ ‘Mohla tsatsi leo ke tla roma maqosa ka dikepe ho ya tshosa Bakushe ba iketlileng. Ba tla aparelwa ke ditlokotsi mohla tsatsi leo la ho timetswa ha Egepeta, hobane ruri lona ho tla le a tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 30:9
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke moo naha ya Juda e tla hlwenyetsa Baegepeta, mme lebitso la Juda ha le bolelwa bohle ba ya tshoha, ka baka la morero oo Jehova wa makgotla a o rerileng hodima bona.


Yaba Jehova o re: jwalokaha mohlanka wa ka, Esaia, a tsamaile ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala dieta, ho ba pontsho le setshwantsho ho Egepeta le ho Ethiopia,


Ba tla tshoha, ba swabe ka baka la Ethiopia eo ba mo tshepileng, le ka baka la Egepeta eo ba ithorisang ka yena.


Etlare ha taba e fihla Egepeta, ba tla thothomela ke ho utlwa taba tsa Tire.


Jwale, mamela taba ena, wena ya phelang menateng, ya dutseng o sa tshohe letho, wena ya reng pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong, haese nna; nke ke ka ba mohlolohadi; nke ke ka tseba seo ho hloka bana ho leng sona!


Ka modumo wa ho wa ha bona lefatshe le a sisinyeha, lentswe la pokollo ya bona, le utlwahala Lewatleng le Lefubedu.


Tlohang, le nyolohele ho setjhaba se iketlileng, se ahileng ka tshepo, ho bolela Jehova; ha ho menyako leha e le mekwallo ho sona, se ahile se nnotshi.


Nna, Jehova, ke boletse; taba tseo di a tla, ke tla di etsa le hona; nke ke ka latola molato, leha e le ho qenehela, mme nke ke ka sutha. O tla ahlolwa ka metsamao ya hao le ka diketso tsa hao: ho rialo Morena Jehova.


Marena wohle a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona; a tla hlobola dikobo tsa wona, a lahle diaparo tsa wona tse homilweng; a tla apara tshoho, a dule fatshe a ntse a sisimoha, a maketse ke wena.


Bohle ba ahileng dihlekehlekeng ba tshohile ka wena; marena a bona a qhaqhasela ke ho tshoha, difahleho tsa wona di a tlakasela.


Empa mohla taba e etsahalang — bonang, e se e le yona — ba tla tseba hoba moporofeta o ne a le teng hara bona.


o re: Ke tla futuhela lefatshe leno le ahlameng, ke nehelle bathong bano ba phelang ka kgotso, ba ahileng ba iketlile, ba dutseng ho se marako, ho se mekwallo le mamati.


Ke tla romela mollo naheng ya Magogo le hodima bohle ba ahileng dihlekehlekeng ba iketlile; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Morena Jehova o hlapantse ka bokgetheho ba hae, a re: Bonang, le tla hlahelwa ke matsatsi ao le tla hulwa ka dilope, masala a lona a hulwe ka ditshepe tsa ho tshwasa dihlapi.


hobane tshenolo eo e sa duletse nako ya teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ya thetsa. Ha e ka dieha, o e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ya fela.


Le lona Bakushe, le tla ba ba bolailweng ke lerumo la ka!


Ke wona motse oo o nyakaletseng, o neng o dutse ka kgotso, o neng o re pelong ya wona: Ke nna feela, ha ho o mong! ... O fetohile jwang nahathothe, moo ho bothang diphoofolo teng? E mong le e mong ya fetang pela wona o tla letsa molodi, a ba a tsokotse letsoho.


Le tswe le tseba hantlentle le lona hoba letsatsi la Morena le tla hlaha jwaloka leshodu la bosiu.


Yaba banna bao ba bahlano ba tloha, ba fihla Laishe, ba bona batho ba teng ba dutse ba iketlile ka mokgwa wa Basidone, ba dutse ka boiketlo le ka kgotso, ho se motho ya nang le borena naheng eo, ya nang le matla a ho ba etsa hampe, ba le hole le Basidone, ba se na taba le batho ba bang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ