Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 30:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, mohla ke besang mollo Egepeta, mme batlatsi bohle ba teng ba robehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ha ke tjhesa hlaha naheng ya Egepeta, bohle ba thusanang le yona ke ba ripitla, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 30:8
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!


mme ho tla thwe: Moputso o teng ruri wa ya lokileng; ruri, Modimo o teng o ahlolang lefatshe.


Ke ka baka leo a tshetseng mollo wa bohale ba hae le bothata ba ntwa hodima Iseraele; bohale bo tukile kahohle, mme Iseraele ha a ka a utlwisisa; bo mo tjhesitse, mme ha a ka a ela hloko.


Jehova o phethile kgalefo ya hae, o tsholotse bohale bo tjhesang ba hae, mme hara Sione o besitse mollo o jeleng metheo ya hae.


Ha ho le jwalo, ke se ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke be ke ba timeletse ka mollo wa bohale ba ka, ke bee molato wa metsamao ya bona hloohong tsa bona: ho rialo Morena Jehova.


Ha ho sa tla ba moutlwa o hlabang, kapa tsenene e bohloko ho ntlo ya Iseraele hara bohle ba e teetseng hare, ba neng ba e nyedisa, ho tle ho tsejwe hobane ke nna Morena Jehova.


Ba tla aha teng ka boiketlo, ba hahe matlo, ba hlome merara, mme ba tla aha ka boiketlo, mohla ke hlahisang dikahlolo hodima ba neng ba ba nyedisa, ba ba teetse hare ka nqa tsohle; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Mmuso oo ha o sa tla tshepisa ba ntlo ya Iseraele letho; o tla ba hopotsa bokgopo ba bona, ba mohla ba neng ba retelehela ho wona; mme ho tla tsejwa hoba ke nna Morena Jehova.


Baahi bohle ba Egepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, hobane e ne e le tshiya ya lehlaka ho ntlo ya Iseraele;


Naha ya Egepeta e tla etswa lesupi le dithako, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova. Erekaha a itse: Noka ke ya ka, ke nna ke e entseng;


Ke tla etsa Pathrose lesupi, ke tjhese Tsowane; ke tla hlahisetsa No dikahlolo.


Ke tla besa mollo Egepeta; Sine o tla kudupana, No a heletswe, Nofe a kenwe ke dira motshehare.


Ke tla romela mollo naheng ya Magogo le hodima bohle ba ahileng dihlekehlekeng ba iketlile; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


ke tla akgela mollo kahara lerako la Tire, o tle o tjhese matlo a teng a borena.


ke tla akgela mollo Themane, o tle o tjhese matlo a borena a Botsra.


ke tla hotetsa mollo kahara lerako la Rabba, o tle tjhese matlo a teng a borena hara mokgosi, tshiung ya ntwa, hara ditsokotsane, tsatsing la sefefo.


ke tla akgela mollo tlung ya Hasaele, o tle o tjhese le matlo a borena a Ben-Hadade.


ke tla akgela mollo hara lerako la Gasa, o tle o tjhese matlo a teng a borena;


ke tla akgela mollo Moabe, o tle o tjhese matlo a borena a Keriothe, mme Moabe o tla timela moferefereng oo hara mokgosi le modumo wa terompeta;


ke tla akgela mollo Juda, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema.


Hobane mollo o hoteditswe kgalefong ya ka, mme o tla tjhesa ho isa tlase nqalong ya bafu; o tla tjhesa lefatshe le tse behwang ke lona, o tjhese le metheo ya dithaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ