Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 30:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mora motho, ke robile letsoho la Faro, morena wa Egepeta, mme bona, ha le a ka la tlamellwa ka dihlare leha e le ka lesela, hore le tle le natlafalle ho tshwara lerumo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 “Wena ngwana motho, ke robile letsoho la Faro, kgosi ya Egepeta. Ha le a ka la tlamellwa hore le tle le fole, leha e le ho qahathiswa ka dithupa hore le tle le matlafale, le tsebe ho tshwara sabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 30:21
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele morena wa Egepeta, ha a ka a boela a tloha fatsheng la hae, hobane morena wa Babilona a ne a nkile naha e neng e le ya morena wa Egepeta, ho qala molatswaneng wa Egepeta, ho ya fihla nokeng ya Eufrate.


Roba letsoho la ya kgopo, o batlisise bokgopo ba motho e mobe, ho fihlela o sa hlole o mo fumana.


hobane matsoho a ba babe a tla robeha, empa Jehova o tiisa ba lokileng.


o thithibantse bohale ba lerumo la hae, mme ha o a ka wa mo tiisa ntweng.


Ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hara hlooho, ha ho moo ho pholohileng; ke maqeba feela, matetetso le diso tse phephethang boladu, tse esong ho phunngwe le ho tlamellwa, mme ha di eso ho thojwe ka ole.


Ha ho ya o hlokomelang; ho thojwa, ho okwa, ho tlamellwa ho siyo ho wena.


ho itswe ke Jehova: Bonang, ke neela Faro-Hofra, morena wa Egepeta, matleng a dira tsa hae le matleng a ba batlang bophelo ba hae, jwalokaha nkile ka neela Tsedekia, morena wa Juda, matleng a Nebukadresare, morena wa Babilona, e neng e le sera ho yena se batlang bophelo ba hae.


O ka ya Gileade ho inkela sehlare teng, morwetsana, moradi wa Egepeta; leha o ka nka dihlare tse ngata, ke ka lefeela; ha ho phodiso bakeng sa hao.


Lenaka la Moabe le sehilwe, le letsoho la hae le robilwe, ho bolela Jehova.


Ke mpa ke tla natlafatsa matsoho a morena wa Babilona, ke tla bea lerumo la ka letsohong la hae, ke robe matsoho a Faro, a fehelwe pela hae ka mefehelo ya motho ya hlabilweng.


Ke tla phamole seqha sa hao letsohong la hao le letshehadi, ke dihe metsu ya hao letsohong la hao le letona.


Bahwebi ba hao ba atile ho fetisa dinaledi tsa lehodimo, ... ke tsie e emisang mapheo, mme e a rura!


Ho madimabe modisa wa lefeela ya tlohelang mohlape! Lerumo le tla otla letsoho la hae le leihlo la hae le letona. Letsoho la hae le tla omella ruri, leihlo la hae le letona le fifale.


Yaba lengeloi le matla le nka lejwe le ka ka lelwala le leholo, la le akgela lewatleng, la re: Ho tla akgelwa jwalo ka matla Babilona, motse o moholo, mme ha a sa tla hlola a fumanwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ