Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 30:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o re: Bokollang! Jo! tshiu e ya tla!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 “Wena ngwana motho, porofeta, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Bokollang, le re: “A tsatsi le madimabe!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 30:2
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Iteleleng, hobane letsatsi la Jehova le haufi, le a tla jwaloka tshenyo e rometsweng ke Ya matla wohle.


Wena monyako, bobola; wena, motse, o bokolle; wena lefatshe lohle la Filesta, o tsielehe; hobane ho ya tla mosi o tswang leboya; ha ho ya kgathalang makgotleng a dira.


Kire-Moabe o patetswe bosiu; o fedile. Batho ba teng ba nyolohela tempeleng le Dibone, nqalong tse diphahameng, ho ya lla teng; Bamoabe ba llela Nebo le Medeba, mangetse kaofela a kutilwe, le ditedu di beotswe.


Ka baka leo, Moabe o tla lla hodima Moabe, ba lle kaofela; le tla fehelwa hodima dithako tsa Kire-Haresethe, hobane le ntse le tepeletse haholo.


Boporofeta hodima Tire: Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe, hobane o senyehile; matlo ha a sa le yo, ha ho sa le moo ho kenwang teng; ba utlwile taba eo e etswa naheng ya Kittime.


Tshelelang Tarshishe! Bokollang, lona ba mabapa le lewatle!


Bonang, bahlanka ba ka ba tla bina ka baka la thabo ya dipelo tsa bona, empa lona le tla lliswa ke bohloko ba pelo, le bokolle ke moya o swabileng.


Ka baka leo, le itlame matheka ka lesela le mahwashe, le lle, le bokolle, hobane bohale bo tjhesang ba Jehova ha bo a re kgutlela.


Ho itswe ke Jehova: Bonang, metsi a ntse a nyoloha, a tswa nqa leboya; a ya ba phororo e itsholohelang, a aparele lefatshe kaofela le bao le tletseng bona, motse le ba ahileng teng. Batho ba tla howa, baahi kaofela ba lefatshe ba bokolle,


Howa, o purume, mora motho, hobane le ya ba setjhabeng sa ka, le ya ba ho mahosana wohle a Iseraele; a neetswe lerumong hammoho le setjhaba sa ka. Ha ho le jwalo, phathatsa seropeng sa hao.


Swabang, lona balemi ba koro; le bokolle, lona balemi ba morara, ka baka la koro le ka baka la harese, hobane se neng se tla kotulwa masimong, se timetse.


Tsohang, matahwa, le lle; le bokolle, lona bohle ba nwang veine, ka baka la veine e ntjha, hobane e tlositswe melomong ya lona.


Bokollang, lona baahi ba Maktheshe, hobane setjhaba sohle sa bahwebi se fedile, bohle ba ipelesitseng ka silifera ba timeditswe.


Bokolla, kiprese, hobane kedare e wele, hobane difate tse phahamileng di sentswe. Bokollang, lona dieike tsa Bashane, hobane moru o sa kenweng o dihilwe!


Jwale, ke tla ho lona barui. Llang, le bokolle ka baka la ditlokotsi tse tla le wela hodimo.


a ntse a eme hole le yena ke ho tshaba dikotsi tsa hae, a re: Jo! jo! Babilona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ya hao e hlahile jwang ka hora e le nngwe!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ