Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 30:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Haele Takpanese, motshehare o tla fetoha lefifi, mohla ke robang joko ya Egepeta teng, mme boikgohomoso ba teng bo matla bo felang. Leru le letsho le tla apesa motse oo, mme barwetsana ba teng ba tla ya kgolehong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Mohla ke robang joko ya Egepeta, motse wa Tahepanehese o tla aparelwa ke lefifi, matla a wona a boikgohomoso, wona a fele. Leru le letsho le tla kwahela Egepeta, baahi ba yona ba iswe bothopuweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 30:18
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane e ne e kwahele bophara bohle ba lefatshe, naha ya ba ya fifala; ya eja dimela tsohle tsa naha le ditholwana tsohle tsa difate tse neng di siilwe ke sefako; ha ho a ka ha ba ha sala botala difateng, leha e le dimeleng tsa naha, lefatsheng lohle la Egepeta.


Mehleng eo, boima ba Assiria bo tla tloswa lehetleng la hao, le joko ya hae molaleng wa hao, joko e robehe ka baka la ho nona ha hao.


Hobane dinaledi tsa lehodimo le Makolobe di ke ke tsa kgantsha lesedi la tsona; letsatsi le tla fifala le sa tjhaba, le yona kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.


Bokgabane ba hao bo akgetswe bafung, le melodi ya diharepa tsa hao; tshenyane ke malao a hao katlasa hao, o apesitswe ka diboko.


Ke tla roba Baassiria lefatsheng la ka, ke ba hatakele ka maoto dithabeng tsa ka, hore batho ba ka ba lokollwe jokong ya bona, ba jarollwe phahlo ya bona melaleng ya bona.


Boporofeta hodima Egepeta: Bonang! Jehova o kaletse leru le bobebe, o lebile Egepeta; medimo ya Egepeta e thothomela pela hae, mme dipelo tsa Baegepeta di tepella ka ho bona.


Tsatsing leo, ho tla duma hodima Juda, jwalokaha ho duma lewatle; ha ho tadingwa lefatshe, ho tla bonwa lefifi le mahlomola, hodima lesedi le tla fifatswa ke maru.


Lefatshe le tjha ka baka la kgalefo ya Jehova wa makgotla, mme setjhaba se ba jwaloka dipatsi tse entsweng dijo tsa mollo; ha ho motho ya tla hauhela ngwanabo.


Hobane joko eo se neng se e jara, le thupa e neng e otla mahetla a sona, le molamu wa mohlorisi wa sona, a di robile jwalokaha o entse mohla Midiane.


Le hona bana ba Nofe le ba Takpanese ba o beola hlooho.


O iketsetse marapo le dijoko, o di rwale molaleng wa hao;


Yaba moporofeta Hanania o nka joko molaleng wa moporofeta Jeremia, a e robakanya.


Eya, o bolelle Hanania, o re: O robakantse joko ya sefate, empa o tla etsa joko ya tshepe bakeng sa yona.


Tsatsing lona leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla robakanya joko molaleng wa hao, ke kgaole marapo a hao; ba ditjhaba ha ba sa tla mo rua.


Lentswe le kileng la tla ho Jeremia bakeng sa Bajuda kaofela ba ahileng lefatsheng la Egepeta, e leng ba ahileng Migdole, le Takpanese, le Nofe, le naheng ya Pathrose, la re:


Tsebisang Egepeta, le bolelle Migdole; le bolelle Nofe le Takpanese, le re: Ema, o itokise, hobane lerumo le se le eja ka mathokong a hao.


Morena o kgurumeditse moradi wa Sione keng ka kgalefo? Kganya ya Iseraele o e dihile lehodimong, a e lahlela fatshe; tsatsing la kgalefo ya hae ha a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.


O tla nyenyefala ho feta mebuso e meng, mme ha o sa tla phahamela ditjhaba; ke tla ba qephisa, hore ba se hlole ba rena hodima ditjhaba.


ke tla qhalanyetsa Baegepeta hara ditjhaba, ke ba hase dinaheng.


Efela tshiu eo e haufi: e, e haufi, tshiu ya Jehova; e tla ba tshiu e lefifi, e tla ba tshiu ya ditjhaba.


Oho, o tshwana le mang, ha o le jwalo, ka kganya le ka boholo, hara difate tsa Edene? O tla dihelwa lefatsheng le katlase, hammoho le difate tsa Edene, o rapalatswe hara maqai hammoho le ba bolailweng ke lerumo. Faro o tla dula jwalo hammoho le bongata ba batho ba hae: ho bolela Morena Jehova.


Mohla ke o timang, ke tla kwahela mahodimo, ke fifatse dinaledi tsa wona; letsatsi ke tla le kwahela ka leru, mme kgwedi ha e sa tla hlahisa ngwedi ya yona.


Sefate se naheng se tla beha ditholwana tsa sona, lefatshe le behe tsa lona; ba tla iketla naheng ya bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke robang difate tsa joko ya bona, ke ba namolelang matsohong a ba ba sebedisang.


O tla nyoloha, o tle ka mokgwa wa sefefo; o tla tshwana le leru le kgurumetsang lefatshe, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.


Letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di honyetsa phatsimo ya tsona.


Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, le tle le se ke la hlola le eba bahlanka ba bona; ke robile joko e neng e le imela, mme ke le tsamaisitse ka hlooho tse leletseng.


Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ