Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 30:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke tla etsa Pathrose lesupi, ke tjhese Tsowane; ke tla hlahisetsa No dikahlolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Patarose ke tla e fetola e be nanaola, ke tjhese hlaha kahara motse wa Sowane, motse wa Tebese wona ke o otle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 30:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O entse meeka mahlong a bontata bona naheng ya Egepeta, dithoteng tsa Tsowane.


mohla o etsang mehlolo fatsheng la Egepeta, le dimakatso naheng ya Tsowane.


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Ruri, baholo ba Tsowane ke mahlanya feela; kelello ya baeletsi ba Faro e fetohile bowatla. Le ka bolela jwang ho Faro, la re: Ke nna mora wa ba bohlale, mora marena a kgale?


Baholo ba Tsowane ba fetohile mahlanya, baholo ba Nofe ba thetsitswe, Egepeta e kgelositswe ke dihlooho tsa meloko ya yona.


Leha baholo ba Juda ba se ba fihlile Tsowane, le manqosa a hae a se a le Hanese,


Lentswe le kileng la tla ho Jeremia bakeng sa Bajuda kaofela ba ahileng lefatsheng la Egepeta, e leng ba ahileng Migdole, le Takpanese, le Nofe, le naheng ya Pathrose, la re:


Yaba banna kaofela ba neng ba tseba hobane basadi ba bona ba tjhesetsa medimo esele dibano, le basadi kaofela ba neng ba eme teng, ba phuthehile ba le bangatangata, le setjhaba kaofela se ahileng lefatsheng la Egepeta, Pathrose, ba fetola Jeremia, ba re:


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya otla Amone wa No, le Faro, le Egepeta, le medimo ya bona, le marena a bona, le Faro, le bohle ba mo tshepileng.


ke tla lata Baegepeta ba ileng kgolehong, ke tle ke ba busetse naheng ya Pathrose, naheng eo ba tswaletsweng ho yona, mme teng ba tla etsa mmuso o nyenyefetseng.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla nea Nebukadresare, morena wa Babilona, naha ya Egepeta; o tla tlosa bongata ba batho teng, a hape kgapo ya teng, a ye le seo a se tlatlapileng, mme hoo e tla ba moputso wa makgotla a hae.


Ke tla tshela kgalefo ya ka hodima Sine, qhobosheane ya Egepeta, ke kgaole bongata ba batho ba No.


Ke tla besa mollo Egepeta; Sine o tla kudupana, No a heletswe, Nofe a kenwe ke dira motshehare.


Ke tla hlahisa dikahlolo Egepeta, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, mohla ke besang mollo Egepeta, mme batlatsi bohle ba teng ba robehang.


Na o fetisa No-Amone, motse oo o neng o dutse hodima dinoka, o neng o teetswe hare ke metsi, oo lewatle e neng e le tshireletso ya wona, mme lerako la wona le ne le nyoloha lewatleng?


Ba kena ka nqa borwa, ba fihla Hebrone, moo ho neng ho ahile bana ba Anake, boAkimane, Sheshai, le Talmai. Hebrone o ne a hahilwe dilemo tse supileng, motse wa Tsoane wa Egepeta, o eso ho be teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ