Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 30:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Morena Jehova o re: Ke tla timetsa le ditshwantsho, ke fedise medimo ya lefeela naheng ya Nofe; ha ho sa tla ba morena eo e leng wa naha ya Egepeta, mme ke tla hasa letsoso naheng ya Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 “ ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ke tla timetsa le medingwana, medingwana ya bohata, ke fedise tshwantsho tsa medimo, ke di fedise naheng ya Nofa; ha ho sa tla ba le kgosana naheng ya Egepeta, pelong tsa Baegepeta teng ke kenye tshabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 30:13
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka bosiu boo, ke tla haola ka naha ya Egepeta, ke otle matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla hlahisa dikahlolo hodima medimo ya Egepeta. Ke nna Jehova.


Le tla ba bolella jwalo, le re: Medimo e sa kang ya etsa mahodimo le lefatshe, yona e tla tloswa lefatsheng le katlasa lehodimo.


Le hona bana ba Nofe le ba Takpanese ba o beola hlooho.


Ke tla hotetsa mollo matlung a medimo ya Egepeta; Nebukadresare o tla a tjhesa, a ise medimo kgolehong; o tla ipopa ka lefatshe la Egepeta jwaloka modisa ha a ipopa ka kobo ya hae, mme o tla tloha teng ka kgotso.


O tla robaka ditshwantsho tsa Bethe-Shemeshe tse lefatsheng la Egepeta, le matlo a medimo ya Egepeta a a tjhese ka mollo.


Lentswe le kileng la tla ho Jeremia bakeng sa Bajuda kaofela ba ahileng lefatsheng la Egepeta, e leng ba ahileng Migdole, le Takpanese, le Nofe, le naheng ya Pathrose, la re:


Tsebisang Egepeta, le bolelle Migdole; le bolelle Nofe le Takpanese, le re: Ema, o itokise, hobane lerumo le se le eja ka mathokong a hao.


O iketsetse dithoto tsa ho ya kgolehong, moahi, moradi wa Egepeta, hobane Nofe o tla etswa lefeella, a fetohe dithako, a be a hloke moahi.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya otla Amone wa No, le Faro, le Egepeta, le medimo ya bona, le marena a bona, le Faro, le bohle ba mo tshepileng.


Ke ba bona keng ba thothomela, ba kgutla kasanthao, le bahale ba bona ba qhadilwe keng, mme ba baleha keng ba sa retelehe? Ho tshabeha ka nqa tsohle, ho bolela Jehova.


Ke tla besa mollo Egepeta; Sine o tla kudupana, No a heletswe, Nofe a kenwe ke dira motshehare.


Hobane ba se ba tla falla ka baka la tshenyeho, Egepeta o tla ba bokella, Memfise a ba epele. Ntho tse ntle tsa bona tsa silefera di tla apeswa ke bobatsi, meutlwa e mele matlung a bona.


Jehova o tla tshabeha hodima bona, hobane o tla fedisa medimo yohle ya lefatshe, ba tle ho mo kgumamela, e mong le e mong ka ho tloha nqalong ya hae, e leng dihlekehlekeng tsohle tsa ditjhaba.


Mme Iseraele o tla tsamaya hara lewatle la tlokotsi, o tla otla maqhubu lewatleng, mme madiba wohle a noka a tla psha; boikgohomoso ba Assiria bo tla kokobetswa, ho tloswe le lere la borena la Egepeta.


Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho lefatsheng, mme ha di sa tla hlola di hopolwa; le bona baporofeta ke tla ba falatsa lefatsheng, hammoho le moya o ditshila.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ