Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 30:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ke tla pshesa dinoka, ke be ke neele lefatshe matsohong a ba babe; ka matsoho a baditjhaba ke tla senya lefatshe le tsohle tse ho lona: ke nna Jehova ya boletseng hoo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Melatswana ya noka ya Nile ke tla e pshesa, ke neelane ka naha matsohong a ba kgopo. Naha le tsohle tsa yona ke tla di etsa nanaola, ke di etse nanaola ka tsoho la baditjhaba, ke nna Morena ya buileng jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 30:12
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke reng ho bodiba: Psha, mme ke tla pshesa dinoka tsa hao;


Komello e metsing a hae, hore a tle a pshe, hobane ke lefatshe la ditshwantsho tse betlilweng, mme ba hlanyetsa medimo ya bona.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla o emela kgotla, ke o pheteletse; ke tla omisa letsha la hae, ke pshese sediba sa hae.


O tla shwa lefu la maqai ka matsoho a baditjhaba; ke nna ke boletseng tseo: ho rialo Morena Jehova.


Bua, o re: Morena Jehova o re: Bona, Faro, morena wa Egepeta, ke tla o futuhela, wena kwena e kgolo e bothileng mahareng a dinoka tsa hao, o reng: Noka ya ka ke ya ka ruri, ke nna ke iketseditseng yona.


Baditjhaba, ba thata hare ditjhaba, ba e remile, ba e tlohetse hona teng; mahlomela a yona a wetse dithabeng le dikgutlong tsohle, makala a yona a robehileng a wetse melapong yohle ya lefatshe, ditjhaba tsohle tsa lefatshe di suthile moriting wa yona, di e tlohetse hona teng.


O kgalemela lewatle, le be le monyele; o pshesa dinoka kaofela. Ho ponne Bashane le Karmele, le palesa ya Lebanone e ponne.


hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.


Lengeloi la botshelela la tshollela nkgo ya lona hodima noka e kgolo ya Eufrate, mme metsi a yona a epsha, hore ho tle ho lokiswe tsela ya marena a Botjhabatsatsi.


Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ