Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke thatafatsa phatla ya hao jwaloka daemane, le ho feta lehakwe. O se ke wa ba tshaba, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ke tla thatafatsa pelo ya hao sa lejwe la moremaphofu, o be thata ho feta tshepe. O se ke wa ba tshaba, leha e le ho ba tshoha, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 3:9
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


O se ke wa tshaba, wena sebokonyana, Jakobo, mosalanyana wa Iseraele; ke nna ke o thusang, ho bolela Jehova; Mohalaledi wa Iseraele ke Molopolli wa hao.


Empa Morena Jehova ke thuso ya ka; ka baka leo, ke mameletse dihlong; ka baka leo, sefahleho sa ka ke se entse jwaloka lehakwe, mme ke tsebile hore nke ke ka tsieleha.


Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.


O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


Ke tla o etsa lerako la koporo le thata ho setjhaba sena. Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke ntse ke na le wena ho o pholosa le ho a namolela, ho bolela Jehova.


Ba ntlhorisang ba ke ba hlabiswe dihlong, empa nna ke se ke ka hlabiswa dihlong, ba ke ba tlakasele, empa nna ke se ke ka tlakasela. Ako ba hlahisetse tsatsi le lebe, o ba hatakele ka ho hatakela habedi.


Haele wena, mora motho, o se ke wa ba tshaba, o se ke wa tshoha mantswe a bona, leha bona ho wena e le bobatsi le meutlwa, mme o ahile le diphepheng. Se tshohe mantswe a bona, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.


A eketsa a re ho nna: Mora motho, amohela pelong ya hao mantswe wohle a ka ao ke a buang ho wena, o a sekehele ditsebe.


Bona, ke thatafatsa sefahleho sa hao, jwaloka difahleho tsa bona; ke satalatsa phatla ya hao, jwaloka diphatla tsa bona.


Mme o bolelle baikgantshi bano, ntlo ya Iseraele, o re: Morena Jehova o re: Manyala wohle a lona a lekane, ntlo ya Iseraele,


Empa ha e le nna, ke tletse matla, ke tletse moya wa Jehova, le ho loka le bonatla, ke tle ke bolelle Jakobo bokwenehi ba hae, ke tsebise Iseraele sebe sa hae.


le pelo tsa bona ba di fetola lehakwe, hore ba se ke ba utlwa molao le mantswe ao Jehova wa makgotla a neng a ba romela wona, e leng ka baporofeta ba pele; yaba ho hlaha kgalefo e kgolo e tswang ho Jehova wa makgotla.


Hobane hoo ke ho molemo, ho kgahlehang ho Modimo, Mmoloki wa rona,


Ya lemang ka matla, ke yena ya tshwanetseng ho kotula ditholwana pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ