Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Haele ba ntlo ya Iseraele, ba tla hana ho o mamela hobane ba hana ho mamela nna; etswe bohle ba ntlo ya Iseraele e le ba thatafaditseng difahleho, ba sataladitseng dipelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Empa bana ba Iseraele ba ke ke ba o mamela, hobane le nna ha ba a ka ba mmamela. Bana ba Iseraele bohle ba thatafaditse dipelo, ba manganga.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 3:7
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tjhadimo ya difahleho tsa bona e a ba tswa, ba tumisitse dibe tsa bona jwaloka Sodoma, ha ba ka ba di pata; ho madimabe meya ya bona, hobane ke bona ba ipatletseng kotsi.


Kahobane ke tsebile hoba o thata, le hobane molala wa hao o jwaloka tshepe, le hobane o na le phatla ya koporo;


Kahoo, diphoka di kile tsa nna tsa thibelwa, pula ya hwetla ha e a ka ya eba teng. Empa phatla ya hao ke ya seotswa, ha o tsebe ho ba le dihlong.


Haele lentswe leo o re bolellang lona ka lebitso la Jehova, re ke ke ra o utlwa.


Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.


Nka bitsa mang, nka botsa mang, ba tle ba mamele? Bonang, tsebe ya bona ha e a bolla, ba sitwa ho ela taba hloko; bonang, lentswe la Jehova le fetohile sesomo hara bona, ha ba sa ikgahlisetsa lona.


Ke beile ho lona dibohodi tse reng: Mamelang lentswe la terompeta. Ba mpa ba re: Ha re na ho mamela.


O ba bolelle ditaba tseo kaofela, empa ba ke ke ba o utlwa; o bitse ho bona, empa ba ke ke ba o araba.


Ke bana ba thatafaditseng difahleho, ba sataladitseng dipelo; ke o romela ho bona. Ere ho bona: Morena Jehova o a bua.


Hobane madi a tsholotsweng ke motse oo a teng hara wona, o a beile lefikeng le hlobotseng; ha o a ka wa a tshollela fatshe, ho a apesa ka lerole.


Ha o rongwe ho ditjhaba tse ngata, tse puo e tebileng, tse leleme le thata, tseo o ka sitwang ho utlwisisa puo ya tsona; ha ke re, hoja ebeka ke o romela ho tsona, di ne di tla o mamela?


Bona, ke thatafatsa sefahleho sa hao, jwaloka difahleho tsa bona; ke satalatsa phatla ya hao, jwaloka diphatla tsa bona.


Empa ba hanne ho mamela, ba satalatsa mahetla a bona; ba etsa ditsebe tsa bona boima, hore ba se ke ba mamela;


le pelo tsa bona ba di fetola lehakwe, hore ba se ke ba utlwa molao le mantswe ao Jehova wa makgotla a neng a ba romela wona, e leng ka baporofeta ba pele; yaba ho hlaha kgalefo e kgolo e tswang ho Jehova wa makgotla.


Ya le utlwang, o a nkutlwa; mme ya le lahlang, o a ntahla; mme ya ntahlang, o lahla ya nthomileng.


Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao hammoho, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne!


Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.


Jehova a re ho Samuele: Mamela puo ya setjhaba kahohle kamoo se buang le wena kateng; hobane ha ba lahle wena, ba lahlile nna, hore ke se ke ka nna ka ba morena wa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ