Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 3:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A boela a re ho nna: Mora motho, tsamaya, o ye ho ba ntlo ya Iseraele, o bue le bona ka mantswe a ka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, tsamaya, o ye ho bana ba Iseraele, o ba bolelle mantswe a ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 3:4
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ke bolella ba isitsweng kgolehong mantswe wohle a Jehova ao a neng a ntshenolele wona.


Ha ho le jwalo, o ba porofetele; mora motho, o porofete.


A re ho nna: Mora motho, ke o romela ho bana ba Iseraele, tjhaba tseo tse manganga, tse ikgantsheditseng nna; bona le bontata bona ba ikgantsheditse nna ho tla fihla tsatsing lona lena.


Ke bana ba thatafaditseng difahleho, ba sataladitseng dipelo; ke o romela ho bona. Ere ho bona: Morena Jehova o a bua.


O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi.


Ha ho le jwalo, mora motho, bolella ba ntlo ya Iseraele, o re ho bona: Morena Jehova o re: Tseo bontata lona ba nnyefotseng ka tsona, ha ba tla nketsetsa bolotsana, ke tsena:


Tloha, o ye ho ba kgolehong, ho bana ba setjhaba sa heno, o bue le bona, o re ho bona: Morena Jehova o a bua! leha ba ka mamela, leha ho se jwalo.


Yaba o re ho nna: Mora motho, fepa mpa ya hao, o tlatse mala a hao ka buka eo e phuthilweng, eo ke o neang yona. Yaba ke a e ja, mme molomong wa ka ya hlabosa jwaloka dinotshi.


hobane ha o rongwe ho setjhaba se puo e tebileng, se leleme le thata; o mpa o rongwa ho ba ntlo ya Iseraele.


A mpa a araba, a re: Ha ke a romelwa ho motho, haese ho dinku tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.


Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ