Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 3:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ke tla manamisa leleme la hao lehanong la hao, hore o tle o be semumu, mme ho bona o se ke wa ba mokgalemedi, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Ke tla etsa hore leleme la hao le kgomarele mahalapeng a hao, o be semumu, o sitwe ho ba kgalemela, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 3:26
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

leleme la ka le ke le kgomarele mahalapa a ka, ha nka o lebala, ha ke sa bee Jerusalema hore e be thabo ya ka ya pele ho dithabo tse ding!


Morena, ahlamisa melomo ya ka, mme molomo wa ka o tla tumisa dithoko tsa hao;


Mahodimo, mamelang! wena, lefatshe, sekeha tsebe; hobane Jehova o a bua; o re: Ke fepile bana, ke ba hodisitse, empa ba ikgantsheditse nna.


Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.


Menyako ya hae e diketse fatshe; o sentse, o robakantse mekwallo ya yona; morena wa hae le babusisi ba hae ba ditjhabeng; molao ha o sa le yo, le bona baporofeta ba hae ha ba sa fumana dipono ho Jehova.


Mora motho, o ahile hara ntlo ya bahanyetsi, etswe ba ena le mahlo a ho bona, ba mpa ba sa bone, mme ba na le ditsebe tsa ho utlwa, ba mpa ba sa utlwe; efela ke ntlo ya bahanyetsi.


Haele wena, mora motho, o tle o iketsetse thoto e kang ya mofalli, o tlohe motshehare pela mahlo a bona, jwaloka hoja o falla: o fele o tlohe pela mahlo a bona, nqalong eo o leng ho yona, ho ya ho e nngwe nqalo; ekaba ba tla nahana hoba efela ke ntlo ya bahanyetsi.


Tsatsing leo, molomo wa hao o tla bua ha ho fihla ya phonyohileng; o tla bua, ha o sa tla ba semumu, mme ho bona o tla ba pontsho ya tse tla tla, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Letsoho la Jehova la eba ho nna ka phirimana, mophonyohi a eso ho fihle, mme Jehova a ahlamisa molomo wa ka, ho fihlela a ba a etla ho nna hosasa; molomo wa ka wa ahlamiswa, ha ke a ka ka hlola ke eba semumu.


A re a sa mpolella ditaba tseo, ka kobotela fatshe ka sefahleho, ka hloka puo.


Efraime o kgomaretse ditshwantsho; mo tlohele!


Ho se ke ha eba ya tsekang, ho se ke ha eba ya kgalemelang! hobane ba setjhaba sa hao ba jwaloka ba hanyetsang moprista.


Bao ba hloya ya eletsang kgotla, ba ile ya bolelang tse lokileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ