Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 3:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ya lokileng, leha a ka kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mohla ke beileng kgopiso pela hae, o tla shwa; ha o sa ka wa mo tshosa, o tla shwa ka sebe sa hae, mme ha ho ka ke ha thwe letho ka tse lokileng tseo a di entseng; empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 “Hape ha motho ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bobe, mme ke bea sekgopi tseleng ya hae, o tla shwa. Kahobane ha o a ka wa mo eletsa, o tla shwa ka baka la sebe sa hae. Ho loka ha hae, hoo a kileng a ho etsa, ho ke ke ha hopolwa, empa madi a hae ke tla a batla ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 3:20
41 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Joase a nna a etsa tse lokileng pela mahlo a Jehova ka ditshiu tsohle tsa moprista Jehojada.


Yaba bohale ba Jehova bo tukela Amatsia, a mo romela moporofeta e mong; eo a tla, a re: O batletseng medimo ya setjhaba seno e sa kang ya tseba ho namolela setjhaba sa yona matsohong a hao?


Ba ratang molao wa hao ba na le kgotso e kgolo, ha ho kgopiso ho bona.


Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!


Ditaba tsa molomo wa hae ke bokgopo le thetso, o lesitse ho hlalefa le ho etsa botle.


Monyatsi ya hlalefileng, ditsebeng tsa motho ya utlwang, o jwaloka lesale la kgauta, le lepetu la kgauta e hlwekileng.


Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.


E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.


Le mpa le boetse le fetohile, le silafaditse lebitso la ka, le boetse le latile e mong le e mong mofo wa hae, e mong le e mong lekgabunyane la hae, bao le neng le kile la ba lesela ba ikela ka ho rata ha bona; le boetse le ba latile hore e be bafo ba lona le makgabunyane a lona.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya beela setjhaba sena dikgopiso; banna le bana hammoho ba tla kgoptjwa ho tsona; motala wa teng le motswalle wa hae ba tla timela.


Mora motho, banna bana ba kgomaretse ditshwantsho tsa bona ka dipelo tsa bona, ba beile lebaka la kgopiso la bokgopo ba bona maloka le bona: Hleka nka dumela ho botswa ke bona na?


Empa ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, ha a ka ya ka manyala wohle a etswang ke e mobe, na o tla phela na? Ho loka hohle ha hae hoo a neng a ho entse ha ho ka ke ha hopolwa; o tla shwa ka bolotsana boo a bo entseng le ka sebe seo a se entseng.


Ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mme a eshwa kahoo, o shwa ka bokgopo boo a bo entseng.


Ha nka re ho molotsana: Kannete o tla shwa! ... ha o sa mo tshose, o sa bue ho tshosa molotsana, hore a kgelohe tsela ya hae e kgopo, o tle o mo pholose, molotsana eo o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, o tla shwa kahoo;


Haele sebohodi, ekare ha se bona lerumo le etla, se sa letse phala, mme setjhaba se sa eletswe, leha lerumo le ka tla, la ya le e mong wa bona, etlaba eo o shwele ka bokgopo ba hae, empa ke tla batla madi a hae letsohong la sebohodi.


Ba lahlela silefera ya bona diterateng, mme kgauta ya bona e tla ba ditshila feela; silefera le kgauta tsa bona ha di na matla a ho ba pholosa tsatsing la kgalefo ya Jehova; ba ke ke ba kgorisa meya ya bona, leha e le ho tlatsa mala a bona, hobane ke tsona tseo e leng kgopiso ya bona bokgopong ba bona.


Sekeha tsebe, Modimo wa ka, o mamele! Tutuboloha, o tadime dithako tsa rona, le motse o bitswang ka lebitso la hao, hobane leha re bea dikopo tsa rona pela hao, ha re itshepise ka ho loka ha rona, empa e le ka mehauhelo ya hao e meholoholo.


O se ke wa hloya wa heno pelong ya hao; o ka mo kgalemela, empa o se ke wa itjarisa sebe ka baka la hae.


le ba furaletseng Jehova, le ba sa batleng Jehova, ba sa mo hlokomeleng.


Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo laye o ena le yena a nnotshi; ha a o mamela, etlaba o ruile ngwaneno.


Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;


Mme tse wetseng mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka dipelo tse ntle, tse molemo; ba le boloka, mme ba beha dijo ka tiisetso.


Davida le yena o re: Tafole ya bona a e ba fetohele leraba, le lemena, le kgopiso, le tefetso;


empa haele rona, re bolela Kreste ya thakgisitsweng, e leng kgopiso ho Bajuda, le bohlanya ho Bagerike.


o se ke wa mamela dipolelo tsa moporofeta eo, kapa tsa molori eo wa ditoro; hobane ke Jehova, Modimo wa lona, ya le lekang hore a tsebe ha le rata Jehova, Modimo wa lona, ka pelo tsa lona tsohle, le ka meya ya lona yohle.


Mme ya lokileng o tla phela ke tumelo; empa ekare ha a kweneha, moya wa ka ha o kgahliswe ke yena.


Utlwang badisa ba lona, mme le ipee katlase ho bona, hobane bona ba fadimehela meya ya lona, etswe ba tla e botswa; ba utlweng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.


Bao ba kgoptjwa ke lentswe kahobane ba sa dumele; etswe e le ntho eo ba e abetsweng.


Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ