Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 3:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Empa ha wena o tshositse molotsana, mme a sa ka a kgeloha bokgopo ba hae le tsela ya hae e sa lokang, haele yena o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa wena etlaba o pholositse moya wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Empa ha o eletsa ya kgopo, feela a sa kgutle bokgopong ba hae, kapa tseleng tsa hae tse kgopo, o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa wena o tla be o ipholositse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 3:19
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.


ha ho ne ho ka ba teng ho lona banna bao ba bararo, Nowe, le Daniele, le Jobo, haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona, ka ho loka ha bona; ho rialo Morena Jehova.


Nowe, Daniele le Jobo ba ntse ba le ho lona, ka nna ya phelang, ho rialo Morena Jehova, ba ne ba ke ke ba namolela bara le baradi ba bona; haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona ka ho loka ha bona.


Ha nka re ho molotsana: Kannete o tla shwa! ... ha o sa mo tshose, o sa bue ho tshosa molotsana, hore a kgelohe tsela ya hae e kgopo, o tle o mo pholose, molotsana eo o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Empa wena, ha o tshositse ya lokileng, hore ya lokileng a se ke a etsa sebe, mme a fela a sa ka a se etsa, kannete o tla phela, hobane o ne a tshoswe, mme etlaba wena o pholositse moya wa hao.


ha a bona lerumo le tlela lefatshe leo, mme a letsa phala, a eletsa setjhaba;


o utlwile modumo wa phala, mme ha a ka a hlokomela; madi a hae a be ho yena. Empa ha a hlokomela, o tla pholosa moya wa hae.


Ha o mpa o eletsa molotsana hore a furalle mokgwa wa hae, leha a ke ke a furalla tsela ya hae, yena o tla timela ka bokgopo ba hae, empa wena etlaba o pholositse moya wa hao.


Ka baka leo, ke le pakela kajeno hobane ha ke na molato mading a lona bohle.


Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.


O ke o itebele, o lebele le yona thuto; mme o tiye teng; hobane, ha o etsa jwalo, o tla ipholosa, o pholose le ba o utlwang.


Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ