Ezekiele 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)18 Ha nka re ho molotsana: Kannete o tla shwa! ... ha o sa mo tshose, o sa bue ho tshosa molotsana, hore a kgelohe tsela ya hae e kgopo, o tle o mo pholose, molotsana eo o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE18 Ha ke re ho ya kgopo: ‘Ruri o tla shwa,’ mme wena o sa mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, e le hore a pholose bophelo ba hae, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa madi a hae ke tla a batla ho wena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Mora motho, ere ho bana ba letjhaba la heno: Ho loka ha ya lokileng ha ho ka ke ha mo namolela tsatsing la boikgantsho ba hae, bolotsana ba molotsana ha bo ka ke ba mo diha tsatsing leo a bakang bolotsaneng ba hae; ho jwalo le ya lokileng, ha a ka ke a phela ka ho loka ha hae tsatsing leo a sitwang ka lona.