Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 3:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ka fihla Thel-Abibe, ho ba kgolehong ba ahileng pela noka ya Kebare, ka dula moo ba ahileng teng; ka dula teng ho bona tshiu tse supileng, ke maketse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Yaba ke fihla ho bathopuwa ba le Tele-Abibe, moo ba ahileng teng pela noka ya Kebare; ka phela moo le bona ka matsatsi a supileng, ke maketse!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 3:15
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba fihla seotlong sa Athade, se leng mose ho Jordane, mme ba lla teng ka dikgapha tse kgolo tsa mahlomola; mme Josefa a dulela ntatae teng bofifi ba ditshiu tse supileng.


Yaba ba dula le yena fatshe ka matsatsi a supileng le masiu a supileng, ho se ya isang lentswe ho yena, ka ho bona hoba bohloko ba hae bo le boholo haholo.


Mabopong a dinoka tsa Babilona re ne re dutse, re lla, ha re hopola Sione;


Taba e nyatsang baporofeta. Pelo ya ka e robehile kahare ho nna, masapo a ka kaofela a ntse a tetema, ke jwaloka motho ya tahilweng, le jwaloka motho ya hlotsweng ke veine, pela Jehova le pela lentswe le hlwekileng la hae.


Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.


lentswe la Jehova la tlela Esekiele, mora Busi moprista, a le naheng ya Bakalde, pela noka ya Kebare; letsoho la Jehova la eba ho yena hona teng.


Yaba dikerubime di a phahama; e ne e le sona sebopuwa seo ke na beng ke se bone pela noka ya Kebare.


Yaba ke a ema, ka ya nahathothe, mme ka bona kganya ya Jehova e eme teng, jwaloka kganya eo ke neng ke e bone pela noka ya Kebare; yaba ke itiha ka sefahleho sa ka.


Hoo ke neng ke ho bona, ho ne ho na le ponahalo e kang ya seo ke na beng ke se bone mohla ke tlang ho timetsa motse; tse bonwang di ne di na le ponahalo e kang ya tseo ke na beng ke di bone nokeng ya Kebare; yaba ke ikakgela fatshe ka sefahleho.


Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ