Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 A eketsa a re ho nna: Mora motho, amohela pelong ya hao mantswe wohle a ka ao ke a buang ho wena, o a sekehele ditsebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Modimo a tswela pele, a re ho nna: “Wena ngwana motho, mamela ka hloko, mme mantswe wohle a ka a kene pelong ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 3:10
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ako amohele thuto e tswang molomong wa wona, o kenye dipolelo tsa wona pelong ya hao.


Ke boloka lentswe la hao ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.


Ruri, poloko ya wona e haufi le ba o tshabang, kganya e tle e ahe naheng ya rona.


Mamela keletso, o amohele tayo, o tle o hlalefe isao.


Amohelang thuto ya ka ho fetisa silefera, le tsebo ho fetisa kgauta e hlwekileng.


O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi.


Haele wena, mora motho, mamela seo ke o bolellang sona! O se ke wa hana, jwalokaha ho hana ntlo eo. Ahlamisa molomo, o je seo ke o neang sona.


Tloha, o ye ho ba kgolehong, ho bana ba setjhaba sa heno, o bue le bona, o re ho bona: Morena Jehova o a bua! leha ba ka mamela, leha ho se jwalo.


Ke thatafatsa phatla ya hao jwaloka daemane, le ho feta lehakwe. O se ke wa ba tshaba, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.


Mme tse wetseng mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka dipelo tse ntle, tse molemo; ba le boloka, mme ba beha dijo ka tiisetso.


Ka baka leo, le rona ha re phetse ho leboha Modimo kahobane, mohla le amohetseng lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, le le amohetse e seng jwaloka hoja e le lentswe la batho, empa la kgolwa hore ke lentswe la Modimo, jwalokaha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lona ba dumetseng.


Haele ka ho hong, banabeso, re a le rapela, hape re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le ithutile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le nne le hole teng kamehla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ