Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 29:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Bua, o re: Morena Jehova o re: Bona, Faro, morena wa Egepeta, ke tla o futuhela, wena kwena e kgolo e bothileng mahareng a dinoka tsa hao, o reng: Noka ya ka ke ya ka ruri, ke nna ke iketseditseng yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 O mmolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Faro, kgosi ya Egepeta, moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 29:3
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgalemela sebata se laletseng mahlakeng, le mohlape wa dipoho hammoho le manamane a ditjhaba tse hatakelang ditjhelete tsa silefera ka maoto. O qhalanye ditjhaba tse ratang ntwa.


Wena, o a tshabeha. Ke mang ya ka emang pela hao, ha o qala ho halefa?


Ka letsatsi leo, ka lerumo la hae le thata, le leholo, le matla, Jehova o tla otla leviathane, noha e lebelo, le leviathane, noha e tswedikaneng, a bolaye drakone e lewatleng.


Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?


ho itswe ke Jehova: Bonang, ke neela Faro-Hofra, morena wa Egepeta, matleng a dira tsa hae le matleng a ba batlang bophelo ba hae, jwalokaha nkile ka neela Tsedekia, morena wa Juda, matleng a Nebukadresare, morena wa Babilona, e neng e le sera ho yena se batlang bophelo ba hae.


Mora motho, ere ho morena wa Tire: Morena Jehova o re: Erekaha pelo ya hao e ikgohomositse, mme o itse: Ke modimo, ke dutse teroneng ya modimo, mahareng a mawatle! athe o motho, ha o modimo, leha o beile pelo ya hao jwaloka hoja e le ya modimo;


o re: Morena Jehova o re: Bona, ke tla o futuhela, Sidone, ke itlotlise ka wena. Ho tla tsejwa hoba ke nna Jehova, mohla ke mo hlahisetsang dikahlolo, ke iektsang ya kgethehileng ka yena.


Ke tla pshesa dinoka, ke be ke neele lefatshe matsohong a ba babe; ka matsoho a baditjhaba ke tla senya lefatshe le tsohle tse ho lona: ke nna Jehova ya boletseng hoo.


Ka baka leo, Morena Jehova o re: Bona, ke se ke ya tla ho Faro, morena wa Egepeta, ke robe matsoho a hae, le leng e leng le matla, le leng e leng le robehileng; mme ke tla wesa lerumo letsohong la hae;


Mora motho, etsa pina ya kodiyamalla ka Faro, morena wa Egepeta, o re ho yena: O ne o tshwana le tau hara ditjhaba; o ne o le jwaloka kwena mawatleng, o thala dinokeng tsa hao, o duka metsi ka maoto a hao, o etsa dinoka tsa heno dikgotlela.


Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.


lona le thabelang tsa lefeela, le reng: Na hase ka matla a rona re ikentseng dinatla na?


Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena.


Iponele, o tle o se ke wa re ka pelong ya hao: Ke ruile dintho tseo ka matla a ka, ka matla a matsoho a ka.


Ka ba ka bona sebata se seng se nyolohelang lefatsheng, se nang le dinaka tse pedi tse jwaloka tsa konyana, se mpa se bua jwaloka drakone.


Sebata seo ke se boneng se ne se tshwana le lengau; maoto a sona a ne a le jwaloka maoto a bere, mme molomo wa sona o ne o le jwaloka molomo wa tau; mme drakone ya se fa matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo.


Ba rapela drakone kahobane e neile sebata matla a yona, ba rapela le sebata, ba re: Ke mang ya lekanang le sebata, mme ke mang ya ka tsebang ho lwana le sona?


Yaba ke bona ho etswa molomong wa drakone, le molomong wa sebata, le molomong wa moporofeta wa bohata, meya e ditshila e meraro, e kang dihoho.


La tshwara drakone, noha ya kgale, e leng Diabolose le Satane, mme la e holehela dilemo tse sekete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ