Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 28:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Morena Jehova o re: Mohla ke bokellang ntlo ya Iseraele ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng hara tsona, ke tla iketsa ya kgethehileng ka bona pela ditjhaba, mme ba tla aha lefatsheng leo ke le neileng mohlanka wa ka, Jakobo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 “ ‘Morena Modimo o bua tjena: Ha ke se ke phuthile Baiseraele, ke ba ntshitse hara ditjhaba tseo ba qhalakaneng hara tsona, ditjhaba tseo di tla bona hore ke a halalela, mme Baiseraele ba tla aha naheng ya bona, eo ke neng ke e nee mohlanka wa ka Jakobo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 28:25
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova, Modimo wa rona, o re lopolle, o re bokelle, o re ntshe hara ditjhaba, re tle re binele lebitso la hao le halalelang, re ithorise kganyeng ya hao.


Mme Jehova wa makgotla o tla ikgodisa ka dikahlolo, Modimo o halalelang o ikgalaletse ka ho loka.


Ho itswe ke Jehova bakeng sa ba bapileng le nna kaofela, ba babe ba hapileng lefa la ka, leo ke neng ke le abetse setjhaba sa ka sa Iseraele: Bonang, ke ya ba epolla lefatsheng la bona, le ntlo ya Juda ke tla be ke e epolle hara bona.


Empa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng, ya busitseng merabe ya ntlo ya Iseraele lefatsheng la Leboya, le mafatsheng wohle moo ke neng ke ba hasanyeditse teng, mme ba tla ikahela lefatsheng la bona.


Empa setjhaba se beang molala wa sona jokong ya morena wa Babilona ho mo sebeletsa, ke tla se tlohela naheng ya sona, ho bolela Jehova, hore se e leme, se ikahele teng.


Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgutlisa ba hapilweng ba ditente tsa Jakobo, ke utlwele meaho ya hae bohloko; motse o tla tsosoloswa setsheng sa wona, ntlo e kgabileng e hahuwe tulong tsa yona.


o re: Bonang ke tla ba bokella mafatsheng wohle moo ke ba qhalanyeditseng teng ka bohale ba ka, le ka kgalefo ya ka, le ka hlwenyo e kgolo ya ka; ke tla ba busetsa nqalong ena, ke ba ahise ka boiketlo.


Ha ho le jwalo, ere: Morena Jehova o re: Ke tla le phutha ditjhabeng, ke le bokelle dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona, mme ke tla le nea lefatshe la Iseraele.


Ke tla kgahlwa ke lona jwaloka hoja le le dibano tse monko o monate, ha ke se ke le ntshitse ditjhabeng, mme ke tla le phutha dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona, ke tle ke kgethehe ka lona pela ditjhaba;


o re: Morena Jehova o re: Bona, ke tla o futuhela, Sidone, ke itlotlise ka wena. Ho tla tsejwa hoba ke nna Jehova, mohla ke mo hlahisetsang dikahlolo, ke iektsang ya kgethehileng ka yena.


Ke tla di ntsha hara ditjhaba, ke di phuthe mafatsheng wohle; ke ntoo di tlisa naheng ya tsona, ke di dise dithabeng tsa Iseraele, dihlohleng tsa melapo le metebong yohle ya naha.


Ke tla di disa makgulong a matle, metebo ya tsona e tla ba dithabeng tse phahameng tsa Iseraele; di tla botha teng metebong e metle, di fule makgulong a nonneng, dithabeng tsa Iseraele.


Sefate se naheng se tla beha ditholwana tsa sona, lefatshe le behe tsa lona; ba tla iketla naheng ya bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke robang difate tsa joko ya bona, ke ba namolelang matsohong a ba ba sebedisang.


Le tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee bontata lona, le be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona.


mme o tla re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke tla ya nka bana ba Iseraele ditjhabeng tseo ba ileng ho tsona, ke ba phuthe ka nqa tsohle, ke ba busetse naheng ya bona.


Ba tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee mohlanka wa ka Jakobo, leo bontata lona ba neng ba ahe ho lona: ba tla aha ho lona, e le bona, le bara ba bona, le ditloholo tsa bona kamehla; mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona kamehla.


Mme ke tla itlotlisa, ke be ke ikgalaletse, ke itsebahatse mahlong a ditjhaba tse ngata; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


e le mohla ke ba kgutlisang ditjhabeng, ke ba phuthang dinaheng tsa dira tsa bona, ke ikgalaletsang ka bona pontsheng ya ditjhaba tse ngata.


Bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla bokellwa hammoho, ba ipeele hlooho e le nngwe, ba kgutle lefatsheng la kgoleho; hobane le leholo tsatsi la Jisreele.


Ba tla itlhahanela jwaloka nonyana, ba etswa Egepeta, le jwaloka leeba, ba etswa lefatsheng la Assiria; mme ke tla ba ahisa matlung a bona, ho bolela Jehova.


Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.


Bonang, ke se ke ya ba tsosa nqalong eo le rekileng ka bona ho yona, diketso tsa lona ke di busetse hodima dihlooho tsa lona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ