Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 28:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Pelo ya hao e ne e ikgohomositse ka botle ba hao, o ne o bodisitse bohlale ba hao ka baka la bokgabane ba hao; ke o dihetse fatshe ke hona, ke o beile pela marena ho hoboswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ka baka la botle ba hao o ila ikakasa, tlotla ya hao ya silafatsa bohlale ba hao; kahoo yaba nna ke o lahlela fatshe, ke o etsa sekao hore dikgosi di bone!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 28:17
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova o tsosa ba ikokobetsang, o kokobetsa ba babe ho isa fatshe.


Ka re: O mpa o ba beile nqalong tse thellang, wa ba diha, mme ba senyehile.


Ha ho hlaha boikgohomoso, eba dihlong di a hlaha le tsona; empa bohlale bo ho ba ikokobetsang.


Boikgohomoso bo etella timelo pele, boikgantsho bo isa ho weng.


O tla heletsa diqhobosheane tsa marako a hao a phahamileng; o tla di rapalatsa fatshe, leroleng.


Hobane o kokobeditse ba ahileng nqalong tse phahameng; o dihile motse o moholo, o o dihetse fatshe, o o rapaladitse leroleng.


Ba bohlale ba ya hlabiswa dihlong, ba thothomele, ba tshwarwe; bonang, ba kgesitse lentswe la Jehova, ba na le bohlale bofe?


Ba tla tjhesa matlo a hao ka mollo, ba o otle ka dikahlolo pontsheng ya basadi ba bangata; ke tla etsa hore o phetse ho ba seotswa, mme ha o sa tla nea ba bang moputso.


Empa o ne o fotholwe ka kgalefo, wa dihelwa fatshe, moya wa botjhabela wa pontsha ditholwana tsa wona; makala a matla a wona a rojwa, a omella; mollo wa a qeta.


Ke tla kgaoletsa bohlola lefatsheng, basadi bohle ba lauwe, ba tle ba se ke ba ya ka bohlola ba lona.


Marena wohle a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona; a tla hlobola dikobo tsa wona, a lahle diaparo tsa wona tse homilweng; a tla apara tshoho, a dule fatshe a ntse a sisimoha, a maketse ke wena.


Wena ya dutseng dikgorong tsa lewatle, ya hwebang le ditjhaba tsa dihlekehleke tse ngata, Morena Jehova o re: Oho Tire, o ne o re: Ke phethehile botleng.


Meedi ya hao e bodibeng ba mawatle. Dihahi tsa hao di o entse botle bo phethehileng.


O nnile wa tsamaya ka metsamao e phethehileng, haesale o hlaha, ho fihlela ha bokgopo bo fumanwa ho wena.


Mora motho, ere ho morena wa Tire: Morena Jehova o re: Erekaha pelo ya hao e ikgohomositse, mme o itse: Ke modimo, ke dutse teroneng ya modimo, mahareng a mawatle! athe o motho, ha o modimo, leha o beile pelo ya hao jwaloka hoja e le ya modimo;


ka boholo ba bohlale ba hao, le ka kgwebo ya hao, o atisitse leruo la hao, mme pelo ya hao e ikgohomositse ka mafumo a hao;


bona, ke tla o tlisetsa baditjhaba, ba thata hara ditjhaba; ba tla tsomola marumo a bona ho senya bohlale bo botle ba hao, ba silafatse bokgabane ba hao;


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o itse: Erekaha e iphahamisitse ka boholo ba yona, e bonahaditse ntlha ya yona hara maru, mme pelo ya yona e iphahamisitse boikakasong ba yona,


Hape, ke tla makatsa matjhaba a mangata ka wena, marena a wona a qhaqhasele ka baka la hao mohla ke nonyang lerumo la ka pontsheng ya wona; a tla thothomela ka dinako tsohle, e mong le e mong bakeng sa bophelo ba hae, mohla letsatsi la ho wa ha hao.


Mme makgotla a hae a tla ikakasa, pelo ya hae e ikgohomose hampe, mme o tla diha mashome a dikete; leha ho le jwalo, a ke ke a hlola.


Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.


Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ