Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 28:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka boholo ba kgwebo ya hao o tlatsitse bothata ha hao, mme o entse sebe; ka ba ka o leleka thabeng ya Modimo, ka ho re, o mohlompholli; ke o timeditse, wena kerubime ya mosireletsi, o le majweng a benyang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ka baka la ho nama ha kgwebo ya hao, pelo ya hao e ila tlala sehloho, yaba jwale wena o etsa sebe. Kahoo ka o leleka thabeng ya Modimo, ka o leleka ke ho silafala ha hao, ka o timetsa, wena kerubime e sireletsang, ka o tlosa hara majwe a phatsimang sa malakabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 28:16
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A leleka motho, mme a bea dikerubime ka nqa botjhabela ho tshimo ya Edene, tse nang le lerumo le benyang le omang ka nqa tsohle, ho thiba tsela ya sefate sa bophelo.


Empa lefatshe le ne le bodile pela Modimo, mme lefatshe le ne le tletse ho bolayana.


Ke tla be ke o lelekise kabelong ya hao, o tloswe tulong tsa hao.


Jehova wa makgotla ke yena ya rerileng taba eo, a tla fokotse kganya ya boholo bohle, le ho apesa bohle ba hlomphuwang lefatsheng ka nyatso.


O ne o le kerubime e dipheo tse otlolohileng, ya mosireletsi; ke ne ke o beile joalo, o ne o le thabeng e halalelang ya Modimo, o ne o tsamaya majweng a benyang.


A re ho nna: Mora motho, na o bone na? Na ke ntho e nyenyane hore ba ntlo ya Juda ba etse manyala a etswang ke bona mona, haele moo ba tlatsitse lefatshe ka bothata, mme ba ntse ba nkgalefisa na? O ka bona, ba isa lekala la morara dinkong tsa bona.


Efraime ke Mokanana (mohwebi); letsohong la hae o tshwere sekala sa bohata, o rata ho thetsa.


Howeletsa hodima matlo a borena a Ashdode le hodima matlo a borena a lefatshe la Egepeta, le re: Phuthehelang dithabeng tsa Samaria, le tle le bone meferefere e mengata e hara yena, le dihloriso tse leng ho yena.


Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya ahileng mafarung a mafika, tlung ya hao e phahameng, o reng ka pelong ya hao: Ke mang ya tla ntihela fatshe?


Tsohang, le tsamaye! hobane mona hase moo le ka phomolang teng ka baka la ditshila tse hlahisang tshenyeho, tshenyeho e tshabehang.


Ba lakatsa masimo, ho a hapa, le matlo, ho inkela wona: ba hatakela monna le ntlo ya hae, motho le lefa la hae.


Barui ba motse ona ba tletse bolotsana, baahi ba wona ba bolela leshano, leleme la bona ke bohata molomong wa bona.


Hobane bolotsana bo entsweng Lebanone bo tla o apesa, le tshenyo e bileng ya tshosa diphoofolo. Ho tla ba jwalo ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse le bohle ba ahileng ho wona.


Kahobane o lobetse ditjhaba tse ngata, masala wohle a ditjhaba a tla o lobela, ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse, le bohle ba ahileng ho wona.


hape, tsatsing leo, ke tla kgalemela bohle ba tlolang sefate se monyako, ba tlatsang ntlo ya morena wa bona ka tse hapilweng ka bohoroso le ka thetso.


A ba a re ho ba bapatsang ka maeba: Tlosang dintho tsena mona, mme ntlo ya Ntate le se ke la e etsa ntlo ya ho rekela.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ