Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 28:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O ne o le Edene, tshimong ya Modimo; o ne o apesitswe ka mahakwe wohle a mefuta, a bohlokwa, e leng rubise, topase, daemane, krisolithe, onikse, jaspe, safire, karbunkele, emerauta le kgauta. Ha hao, ho ne ho lokisitswe tshebetso ya meropa le ya diphala, haesale o hlaha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 O no phela Edene, rapeng sa Modimo, mekgabo ya hao e le mahakwe a bohlokwa: dirubi, didaemane le ditopase; berile, kareneleane, le jasepere; safire, emeraleda le karanete. Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta, tsena tsohle o no di etsetswe, wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 28:13
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora.


Jehova Modimo a hloma tshimo Edene ka nnqa botjhabela, mme a bea teng motho eo a mmopileng.


Topase ya Ethiopia ha e lekane le jona, bo ke ke ba theolwa ke kgauta e hlwekileng ka ho fetisa.


Bokgabane ba hao bo akgetswe bafung, le melodi ya diharepa tsa hao; tshenyane ke malao a hao katlasa hao, o apesitswe ka diboko.


Nka harepa, seotswa se lebetsweng, o qete diterata tsa motse ka yona, o tee molodi o motle, o eketse dipina tsa hao, o tle o hopolwe.


Thabo ya meropa e fedile, lerata la bathabi ha le sa le yo, thabo ya harepa e kgutsitse le yona.


Mme hohle moo thupa ya Jehova eo a tlang ho mo otla ka yona e tlang ho ya le teng, meropa le diharepa di tla duma; mme o tla mo otla ka matla.


Ka mokgwa o jwalo, Jehova o utlwetse Sione bohloko, o utlwetse nqalo tsohle tsa hae tse senyehileng bohloko; o fetotse nahathothe ya hae ya eba jwaloka Edene, le naha ya hae e omeletseng o e entse serapa sa Jehova. Thabo le nyakallo di fumanwa teng, ka difela le dipina.


Busetsa lerumo selateng sa lona! Ke tla o ahlola nqalong eo o bopileng ho yona, lefatsheng leo o hlahileng ho lona,


Ke tla kgaoletsa modumo wa dipina tsa hao, mme ha ho sa tla hlola ho utluwa modumo wa diharepa tsa hao.


Baarame ba ne ba hweba le wena ho reka mesebetsi ya hao e mengata, ba ananya tsa hao ka karbunkele, le sekarelata, le masela a homilweng, le lene, le dikorale, le dirubise.


Bahwebi ba Sheba le ba Raema le bona ba ne ba hweba le wena, ba ananya tsa hao ka dinoko tse kgethehileng, le mahakwe a mefutafuta, le kgauta.


O ne o le kerubime e dipheo tse otlolohileng, ya mosireletsi; ke ne ke o beile joalo, o ne o le thabeng e halalelang ya Modimo, o ne o tsamaya majweng a benyang.


O nnile wa tsamaya ka metsamao e phethehileng, haesale o hlaha, ho fihlela ha bokgopo bo fumanwa ho wena.


ba tla re: Lefatshe leno, e neng e le lefeella, le fetohile le ka tshimo ya Edene; metse eno, e neng e timeditswe, e entsweng dithako, e heleditsweng, e fetohile diqhobosheane, e ahilwe.


Kapele ho sona mollo o a tjhesa, le kamorao ho sona lelakabe le a timeletsa. Naha e kapele ho sona, e jwaloka tshimo ya Edene; kamorao ho sona ke sebataolo; ha ho letho le siilweng ke sona.


Mosadi eo o ne a apere purepera le sekarelata, a kgabile ka kgauta, le mahakwe a bohlokwa, le diperela; letsohong la hae o ne a tshwere pitsa ya kgauta, e tletseng manyala le ditshila tsa bootswa ba hae.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ