Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Haele bahwebi ba ditjhaba tse ding, ba tea melodi ka wena; o entswe lefeela, mme ha o sa tla ba teng le ka mohla o le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Bahwebi ba matjhaba ba o nyekoletsa melomo; pheletso ya hao ruri e a tshabeha, ha o sa tla ba teng kamehla yohle!’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:36
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntlo eo, leha e phahame hakalo, motho ka mong ya fetang pela yona o tla makala, a tee molodi, a re: Jehova o etseditseng naha eo le ntlo eo jwalo?


Ho se ho se hokae, mme molotsana o tla ba siyo; o tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le siyo;


o fetile; jo! o se a le siyo; ka mmatla, a se ke a fumanwa.


ba entse lefatshe la bona makatso le sesomo ka ho sa feleng, hore e mong le e mong ya tla feta ka lona a tle a makale, a sisinye hlooho ya hae.


Mme ke bee motse wona makatso le sesomo, e mong le e mong ya tla feta teng a tle a makale, a sisinye hlooho hodima dikotsi kaofela tsa teng.


Edomo o tla etswa lesupi feela; e mong le e mong ya fetang ka yena o tla makala, a some bakeng sa dikotsi tsa hae kaofela.


Ka bohale bo tjhesang ba Jehova ha a sa tla ahuwa, mme e tla nne e be lefeella kahohle; e mong le e mong ya tla feta ka Babilona o tla makala, a some ka dikotsi kaofela tsa hae.


Bohle ba fetang ka tsela ba opa ka diatla bakeng sa hao, ba soma, ba sisinya dihlooho bakeng sa moradi wa Jerusalema, ba re: A ke oo motse oo ba neng ba o bitsa botle bo phethehileng, thabo ya lefatshe lohle?


Ke tla o etsa lefika le hlobotseng; o tla fetoha nqalo eo ho alwang matlowa ho yona: ha o sa tla tsoswa; hobane ho buile nna Jehova: ho rialo Morena Jehova.


Mora motho, erekaha Batire ba tlakile Jerusalema ka ho re: Haiaha! kgoro ya ditjhaba e heleditswe, dintho di ya tla ho nna, ke tla ena, hobane motse o sentswe?


Ke tla o etsa lefeela, mme ha o sa tla ba teng; o tla batlwa, mme ha o sa tla fumanwa le ka mohla o le mong: ho rialo Morena Jehova.


Baditjhaba bohle ba neng ba tsebana le wena, ba tla makala ka wena; o entswe lefeela, mme ha o sa tla ba teng le ka mohla o le mong.


Ke wona motse oo o nyakaletseng, o neng o dutse ka kgotso, o neng o re pelong ya wona: Ke nna feela, ha ho o mong! ... O fetohile jwang nahathothe, moo ho bothang diphoofolo teng? E mong le e mong ya fetang pela wona o tla letsa molodi, a ba a tsokotse letsoho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ