Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ba tla lla ka wena, ba bokolle habohloko, ba ithuntshe dihlooho ka lerole, ba bidikane moloreng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Ba tla howeletsa haholo ba tlerohe, ba lle habohloko, ba o llele, ba itshele ka lerole hodima dihlooho, ba ipitike le hodima molora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:30
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka la boraro, ha tshoha ho fihla monna ya tswang ntweng, ho Saule, a hahotse diaparo tsa hae, a ithuntsheditse ka mobu hloohong. Eitse ha a fihla ho Davida, a itihela fatshe, a kgumama.


Eitse ha ba emisa mahlo ba sa le hojana, ba se ke ba mo tseba, mme ba phahamisa mantswe, ba lla, ba hahola e mong le e mong kobo ya hae, ba kubisetsa lerole sebakeng hodima dihlooho tsa bona.


A nka lengeta ho ikgwabitla ka lona, a ntse a dutse thotobolong.


Ke fela ke inyatsa, mme ke iteta sefuba ke le leroleng le moloreng.


Bokollang, lona badisa, le howe; paqamang moloreng, lona beng ba mohlape, hobane ho se ho fihlile matsatsi a lona a ho bolawa, mme ke ya le qhalanya, le tle le we jwaloka lefiso le theko e thata.


Moradi wa setjhaba sa ka, o itlame ka lesela le mahwashe, o pitike moloreng; o itelele jwalokaha ho llelwa ya tswetsweng a nnotshi, ka dillo tse bohlokohloko, hobane mosenyi o ya re tlela ka sehloho.


Baholo ba moradi wa Sione ba ituletse fatshe, ba ikgutseditse, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole, ba itlamile ka lesela le mahwashe. Barwetsana ba Jerusalema ba kobotetse fatshe ka dihlooho tsa bona.


Ba tla o binela kodiyamalla, ba re ho wena: O timetse jwang, wena ya neng a hahilwe hara mawatle, wena motse o tumileng, o neng o le matla lewatleng, wena le bohle ba ahileng ha hao, ba neng ba tshajwa ke bohle ba ahileng pela lewatle?


Le yena morena wa Ninive, ha taba tseo di fihla ho yena, a tloha teroneng ya hae, a hlobola kobo ya hae, a apara lesela le mahwashe, a dula moloreng.


Taba eo le se ke la e tumisa Gathe; le ho lla, le se ke la lla! Bethe-Leafra (ntlo ya lerole) ke itshela ka lerole!


Ebile monna e mong, wa Mobenjamine, o tloha ntweng, a matha, a tla Silo ka lona tsatsi leo, a hahotse diaparo tsa hae, a le dithole hloohong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ