Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Mesebetsi ya hao le dikananyo tsa hao, batho ba dikepe tsa hao le batsamaisi ba tsona, ba thibang mapetso a dikepe tsa hao, ba o sebedisang kgwebo ya hao, le bahlabani bohle ba hao ba leng ha eno, hammoho le matshwele wohle a hao a leng ha eno, ba tla wela bodibeng ba mawatle tsatsing la ho wa ha hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Matlotlo a hao le thepa ya kgwebo, bo-radikepe le basesisi ba hao, malala a hao a thibang dikepe matlere, bahwebi ba hao bohle le bahlabani, le batho bohle ba kahare ho wena, ba tla teba bodibeng ba lewatle, mohla koduwa ya ho thueha ha hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:27
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung.


le marena wohle a Tire, le marena wohle a Sidone, le marena a dihlekehleke tse mose wane wa lewatle;


Eitse ka selemo sa leshome le motso o mong, ka la pele ho kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Ba tla hapa maruo a hao, ba tlatlape mesebetsi ya hao ya kgwebo; ba tla qhaqholla marako a hao, ba ripitle matlo a hao a matle, ba lahlele majwe a hao le difate tsa hao le lerole la hao metsing.


Ke tla o etsa lefika le hlobotseng; o tla fetoha nqalo eo ho alwang matlowa ho yona: ha o sa tla tsoswa; hobane ho buile nna Jehova: ho rialo Morena Jehova.


Ke tla o etsa lefeela, mme ha o sa tla ba teng; o tla batlwa, mme ha o sa tla fumanwa le ka mohla o le mong: ho rialo Morena Jehova.


Tarshishe o ne a hweba le wena ka mesebetsi e mefutafuta; ba teng ba ne ba anaya tsa hao ka silefera, le tshepe, le tine, le loto.


Bahwebi ba Sheba le ba Raema le bona ba ne ba hweba le wena, ba ananya tsa hao ka dinoko tse kgethehileng, le mahakwe a mefutafuta, le kgauta.


Ba ne ba hweba le wena lepatlelong la hao la thekiso ka dikgabiso, le dimantlele tsa purepera, le masela a homilweng, le matlole a tletseng masela a bekenyang, a tlamilweng, a tiisitsweng ka mehala.


Empa basoki ba hao ba o isitse metsing a maholo; moya wa botjhabela o o robile hara bodiba ba mawatle.


Ka modumo wa mehoweletso ya batsamaisi ba dikepe tsa hao, mabopo a tla reketla,


Jwale, haele mona o bolailwe, o bile o timeletse mawatleng, o tebile madibeng a metsi, kgwebo ya hao le matshwele wohle a neng a le ha hao, di timetse le wena.


ba tla o lahlela sehokong, mme o tla shwa lefu la ba hlabilweng bodibeng ba mawatle.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Tire — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba neetse Edomo ba hapilweng ba bangata, ba sa hopole selekane sa boena;


O ikgahetse qhobosheane, o bokeletse silefera jwaloka lerole, le kgauta jwaloka seretse sa mmila!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ