Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Empa basoki ba hao ba o isitse metsing a maholo; moya wa botjhabela o o robile hara bodiba ba mawatle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Basoki ba hao ba o isa mawatleng, ba o isa mawatleng a sabaletseng: Empa moya wa botjhabela o tla o thua, o o etse ditsekana hara bodiba!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:26
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha eba jwaloka mohla moya wa botjhabela o robakanyang dikepe tsa Tarshishe.


Seo re neng re se boleletswe, re iponetse sona motseng wa Jehova wa makgotla, motseng wa Modimo wa rona; Modimo o o tiisitse ka ho sa feleng. (Sela.)


Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe, hobane qhobosheane ya lona e senyehile.


Mehalana ya hao, Assiria e hlephile, ha e tiise sefate sa sekepe sa hao, leha e le seile e fanyehilweng ho sona; mohlang oo, letlotlo le mesebetsi e mengatangata ya kgapo e tla arolwa, esita dihlotsa le tsona di tla abelwa.


Ka mokgwa wa moya wa Botjhabela, ke tla ba qhalanya pela sera; ke tla ba tadima ka seholoholo, e seng ka sefahleho, tsatsing la tlokotsi.


Hobane Morena Jehova o re: Mohla ke o etsang lesupi le tshwanang le metse e se nang ba ahileng ho yona, mohla ke o nyollelang bodiba, mme metsi a maholo a o aparela,


Mesebetsi ya hao le dikananyo tsa hao, batho ba dikepe tsa hao le batsamaisi ba tsona, ba thibang mapetso a dikepe tsa hao, ba o sebedisang kgwebo ya hao, le bahlabani bohle ba hao ba leng ha eno, hammoho le matshwele wohle a hao a leng ha eno, ba tla wela bodibeng ba mawatle tsatsing la ho wa ha hao.


Jwale, haele mona o bolailwe, o bile o timeletse mawatleng, o tebile madibeng a metsi, kgwebo ya hao le matshwele wohle a neng a le ha hao, di timetse le wena.


ba tla o lahlela sehokong, mme o tla shwa lefu la ba hlabilweng bodibeng ba mawatle.


Empa ho se hokae, ha tsoha teng moya wa sefefo, o bitswang Euroklidone.


Ra mpa ra wela hlwahlwaneng e nang le lewatle ka nqa tse pedi, sekepe sa ba sa tshepama teng; sefuba sa sona sa tebela fatshe, sa ba sa tiya, mme lesaho la sona la robeha ke matla a maqhubu.


Yaba lengeloi le re ho nna: Metsi ao o a boneng, ao seotswa se dutseng ho wona, ke merabe, le matshwele, le ditjhaba, le dipuo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ