Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bana ba Dedane ba ne ba hweba le wena; dihlekehleke tse ngata di ne di le matleng a hao ho hweba le wena, di o lefa ka meno a ditlou le motsweri.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 “ ‘Banna ba Dedane ba ne ba hweba le wena; le ba dinaha tse mabopong a lewatle ba ne ba hweba le wena, ba o lefa ka manaka a tlou le ka mapolanka a motsweri.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Kushe ke Saba, le Havila, le Sabta, le Raema, le Sabteka. Bara ba Raema ke Seba, le Dedane.


Jokshane a tswala Seba le Dedane; bara ba Dedane ya eba Baashurime, le Baletushime, le Baleummime.


Hobane morena o ne a na le sehlopha sa dikepe tsa Tarshishe lewatleng, hammoho le dikepe tsa Hirame; kepe tsa Tarshishe di ne di tlisa hang ka dilemo tse tharo kgauta, le silefera, le naka tsa ditlou, le ditshwene, le dipikoke.


Bara ba Ketura, serethe sa Abrahama: a tswala Simrane, Jokshane, Medane, Midiane, Jishbake, le Shua. Bara ba Jokshane ke Seba le Dedane.


Bara ba Kushe ke Saba, Havila, Sabta, Raema, le Sabteka. Bara ba Raema ke Seba le Dedane.


Hobane dikepe tsa morena di ne di ya Tarshishe le bahlanka ba Hurame, mme ha ho fetile dilemo tse tharo, kepe tsa Tarshishe di ne di fihla, di tlisa kgauta le silefera, le manaka a ditlou, le ditshwene, le dipikoke.


Boporofeta hodima Arabia: Le hlola bosiu masabasabeng a Arabia, lona dihlopha tsa baeti ba Dedane.


le Dedane, le Thema, le Buse, le ba beolang hlafunelo;


Balehang, le furalle, le ahe sephiring, lona baahi ba Dedane, hobane ke ya tlisetsa Esau kotsi, mohla ke mo kgalemelang.


ka baka leo, Morena Jehova o re: Ke tla otlollela naha ya Edomo letsoho la ka, ke kgaole batho le dikgomo teng, ke be ke e etse nahathothe ho tloha Themane, mme ba tla dihuwa ke lerumo ho ya fihla Dedane.


Dedane o ne a ananya tsa hao ka mephoso e etsang ditleleki tsa ho palama.


Sheba, le Dedane, le bahwebi ba Tarshishe, le ditawana tsohle tsa teng, ba tla re ho wena: Hleka o tlile ho hapa na? Hleka o bokeletse bongata boo ho tlatlapa thepa, hore o tle o be o ye le silefera le kgauta, o nke le mehlape le mesebetsi, ho hapa thepa e kgolo na?


Mesebetsi ya kgauta, le ya silefera, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya diperela, le ya lene e ntle, le ya purepera, le ya sei, le ya sekarelata, le ya mahong wohle a monkgo o monate, le ya dipitsa tsa mefutafuta tse entsweng ka dinaka tsa ditlou, le dipitsa tsohle tsa mahong a hlokwang, le tsa koporo, le tsa tshepe, le tsa maramore;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ