Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jafane, Tubale le Mesheke le bona ba ne ba hweba le wena, ba tlisitse meya ya batho le mesebetsi ya koporo ho rekisa ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 “ ‘Jafane le Tubale le Mesheke le tsona tsa hweba le wena; tsa ananya thepa ya hao ka makgoba le ka dintho tse entsweng ka lethose.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:13
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Jafeta ke Gomere, le Magogo, le Madai, le Javane, le Tubale, le Mesheke, le Tirase.


Bara ba Javane ke Elisha, le Tarshishe, le Kittime, le Dodanime.


Bara ba Jafeta ke Gomere, Magogo, Madai, Javane, Tubale, Mesheke, le Tirase.


bara ba Javane ke Elisha, Tarshishe, Kittime, le Rodanime.


Ke madimabe hakakang, ha ke aheletse Mesheke, leha ke dutse ditenteng tsa Kedare!


Ke tla bea pontsho ho bona, mme hara ba phonyohileng ke nke ba bang, ke ba romele ditjhabeng, Tarshishe, Pule le Lude, ho ba tjhehang seqha Tubale, le Javane, le dihlekehlekeng tse hole, tse esong ho utlwe taba tsa ka le ho bona kganya ya ka; mme ba tla tumisa kganya ya ka hara ditjhaba.


Tarshishe o ne a hweba le wena ka mesebetsi e mefutafuta; ba teng ba ne ba anaya tsa hao ka silefera, le tshepe, le tine, le loto.


Bafedane le Bajafane ba ne ba ananya tsa hao ka masela a lohilweng, tshepe e kgabisitsweng, kassia, le lehlaka le nkgang hamonate di le teng ho tseo o hwebang ka tsona.


Mesheke o teng, le yena Tubale, le bongata bohle ba batho ba hae; ba teetswe hare ke mabitla a bona. Bohle ke maqai, ba bolailwe ke lerumo; hobane ba ne ba hasanya letsoso la bona lefatsheng la ba utlwang.


Mora motho, porofetela Gogo, o re: Morena Jehova o re: Bona, ke tla ho wena, Gogo, morena wa Roshe, Mesheke le Tubale.


A re: Hleka o tseba seo ke tlileng ho wena ka baka la sona na? Jwale, ke ikgutlela ho ya lwantsha kgosana ya Persia, mme ha ke se ke tlohile, bona, kgosana ya Bagerike e tla fihla.


Jwale, ke ya o senolela nnete. Bona, marena a mararo a sa tla ba teng ho Bapersia, mme wa bone o tla rua leruo le fetisang la a mang kaofela; etlare hobane a iphe matla ka maruo a hae, o tla ipiletsa bongata bohle ho futuhela mmuso wa Bagerike.


phooko, ke morena wa Bagerike, mme lenaka le lelelele le dipakeng tsa mahlo a yona ke morena wa pele.


Setjhaba sa ka ba arolelane sona ka lotho, ba ntshitse moshanyana ho ba moputso wa seotswa, le ka ngwanana ba rekile veine, ba nwele.


haele bara ba Juda le bara ba Jerusalema, la rekisa ka bona ho bara ba Jafane, ba tle ba iswe hole le naha ya bona.


le sinamone, le dibano, le mira, le diarubetso, le veine, le ole, le lefi la phofo, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le makoloi, le mmele le meya ya batho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ