Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 27:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Tarshishe o ne a hweba le wena ka mesebetsi e mefutafuta; ba teng ba ne ba anaya tsa hao ka silefera, le tshepe, le tine, le loto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 “ ‘Motse wa Tarashishe wa hweba le wena ka baka la bongata ba matlotlo a hao; thepa ya hao ya kgwebo ba e ananya ka silefera le tshepe le lekapa le loto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 27:12
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Javane ke Elisha, le Tarshishe, le Kittime, le Dodanime.


Hobane morena o ne a na le sehlopha sa dikepe tsa Tarshishe lewatleng, hammoho le dikepe tsa Hirame; kepe tsa Tarshishe di ne di tlisa hang ka dilemo tse tharo kgauta, le silefera, le naka tsa ditlou, le ditshwene, le dipikoke.


Ha bo ho se morena Edomo mohlang oo ya busang teng, e ne e le mmusisi.


Hobane dikepe tsa morena di ne di ya Tarshishe le bahlanka ba Hurame, mme ha ho fetile dilemo tse tharo, kepe tsa Tarshishe di ne di fihla, di tlisa kgauta le silefera, le manaka a ditlou, le ditshwene, le dipikoke.


marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.


le dikepe tsohle tsa Tarshishe, le mesebetsi yohle e kgahlisang mahlo.


O haole ka naha ya hao, jwaloka Nile, wena, moradi wa Tarshishe; ha ho sa le joko e o tlamileng.


Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe, hobane qhobosheane ya lona e senyehile.


Tshelelang Tarshishe! Bokollang, lona ba mabapa le lewatle!


Etswe dihlekehleke di lebeletse nna, mme dikepe tsa Tarshishe di le sehloohong ho tlisa bana ba hao ba neng ba le hole, le kgauta, le silefera tsa bona, ho tlotlisa lebitso la Jehova, Modimo wa hao, le la Mohalaledi wa Iseraele, hobane o o apesitse ka kganya.


Ho latilwe silefera Tarshishe, e teilwe maqephenyana, le kgauta ya Ufase; e sebeditswe ke setei le ke matsoho a moqhibidisi; meaparo ke ya purepera e putswa le e kgubedu, kaofela ha ntho tseo ke mosebetsi wa ba masene.


Bana ba Arfade hammoho le makgotla a hao ba ne ba eme marakong a hao kahohle; diqhenqha di ne di le ditoreng tsa hao, di fanyehile dithebe tsa tsona marakong a hao kahohle; ke tsona tse neng di phethisisa botle ba hao.


Jafane, Tubale le Mesheke le bona ba ne ba hweba le wena, ba tlisitse meya ya batho le mesebetsi ya koporo ho rekisa ka yona.


Baarame ba ne ba hweba le wena ho reka mesebetsi ya hao e mengata, ba ananya tsa hao ka karbunkele, le sekarelata, le masela a homilweng, le lene, le dikorale, le dirubise.


Ba Damaseka ba ne ba hweba le wena, ba reka mesebetsi ya mefutafuta ka veine ya Helbone, le boya bo benyang.


O ne o kgorisa ditjhaba tse ngata ka tsa kgwebo ya hao tse tswang mawatleng; o ne o entsha marena a lefatshe, ka bongata ba mesebetsi ya hao le ba kgwebo ya hao.


Ka boholo ba kgwebo ya hao o tlatsitse bothata ha hao, mme o entse sebe; ka ba ka o leleka thabeng ya Modimo, ka ho re, o mohlompholli; ke o timeditse, wena kerubime ya mosireletsi, o le majweng a benyang.


ka boholo ba bohlale ba hao, le ka kgwebo ya hao, o atisitse leruo la hao, mme pelo ya hao e ikgohomositse ka mafumo a hao;


Sheba, le Dedane, le bahwebi ba Tarshishe, le ditawana tsohle tsa teng, ba tla re ho wena: Hleka o tlile ho hapa na? Hleka o bokeletse bongata boo ho tlatlapa thepa, hore o tle o be o ye le silefera le kgauta, o nke le mehlape le mesebetsi, ho hapa thepa e kgolo na?


Empa Jonase a tloha ho balehela Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova. A theohela Joppo, mme teng a fihlela sekepe se yang Tarshishe; yaba o ntsha tefo ya leeto, a kena ka sekepeng hore a tle a ye le batho ba sona Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova.


Mesebetsi ya kgauta, le ya silefera, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya diperela, le ya lene e ntle, le ya purepera, le ya sei, le ya sekarelata, le ya mahong wohle a monkgo o monate, le ya dipitsa tsa mefutafuta tse entsweng ka dinaka tsa ditlou, le dipitsa tsohle tsa mahong a hlokwang, le tsa koporo, le tsa tshepe, le tsa maramore;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ