Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 26:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O tla bolaya ka lerumo baradi ba hao ba naheng ya hao, a be a o teele hare ka lerako le potang, mme a o tjhekele ditutudu, a o emisetse thebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 O tla bolaela baradi ba hao hara naha ka sabole, a o etsetse thibella, a o hahele marako, a o etsetse lekgwakgwa la dithebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 26:8
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, ba Joabe ba fihla, ba thibella Sheba Abele-Bethe-Maaka; ba emisa tutudu e potang motse, e sikang le lerako, mme banna bohle ba leng ho Joabe ba phunya lerako ba tle ba le heletse.


Bonang, ditutudu di se di fihlisitswe pela motse ho o kena, mme motse o ya neelwa matsohong a Bakalde ba o lwantshang, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; seo o se boletseng se se se etsahetse, wa se bona.


Selemong sa boroba mono o le mong sa puso ya Tsedekia, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, yena le makgotla a hae kaofela; ba emisa pela motse, mme ba haha lerako pela wona ho o kopela hare.


Hobane Jehova wa makgotla o re: Remang difate, le tsosetse Jerusalema tutudu; ke oo motse o tshwanetseng ho kgalemelwa; kahare ho wona ho tletse botubo.


Bonang, se nohang se letsohong la hae le letona: Ke Jerusalema! Ho tla bewa dipheleu, ho etswe mehoo polaong, ho hlajwe mokgosi, ho bewe dipheleu ho bolaya mamati a menyako, ho hahuwe ditutudu, ho hahuwe lerako le potang.


Baradi ba hae, ba leng naheng ya hae, ba tla bolawa ka lerumo, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


O tla neela dipheleu tsa hae marakong a hao, a heletse ditora tsa hao ka dibetsa tsa hae.


Setjhaba seo se soma marena, ho sona mahosana ke sesomo; se tsheha qhobosheane e nngwe le e nngwe, se be se bokelle lerole, se di hape.


Hobane matsatsi a tla o wela hodimo, ao bao e leng dira ho wena ba tla tjheka lengope, ba o teele hare ka lona, ba o thibelle ka nqa tsohle;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ