Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 26:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O tla fetoha nqalo eo ho alwang matlowa ho yona hara lewatle, hobane ho boletse nna: ho rialo Morena Jehova; o tla neelwa ho tlatlapuwa ke ditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Tire e tla fetoha sebaka seo ho anehwang matlowa ho sona hara lewatle, e be lelobelo la ditjhaba, hobane nna Morena, ke buile, ho rialo Morena Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 26:5
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka baka leo, bona, ke tla o otlollela letsoho la ka, ke tle ke o neele ho rusolelwa ke ditjhaba, ke o kgaole hara ditjhaba, ke o timetse dinaheng tsohle; ke tla o fedisa, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova.


Ke tla o etsa lefika le hlobotseng; o tla fetoha nqalo eo ho alwang matlowa ho yona: ha o sa tla tsoswa; hobane ho buile nna Jehova: ho rialo Morena Jehova.


Hobane Morena Jehova o re: Mohla ke o etsang lesupi le tshwanang le metse e se nang ba ahileng ho yona, mohla ke o nyollelang bodiba, mme metsi a maholo a o aparela,


dillong tsa bona, ba tla o binela kodiyamalla, ba tla bina kodiyamalla, ba re: Ke ofe motse o neng o le jwaloka Tire, jwaloka motse wona o seng o timetse hara lewatle?


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla nea Nebukadresare, morena wa Babilona, naha ya Egepeta; o tla tlosa bongata ba batho teng, a hape kgapo ya teng, a ye le seo a se tlatlapileng, mme hoo e tla ba moputso wa makgotla a hae.


Batshwasi ba dihlapi ba tla ema teng; ho tloha Ene-Gedi, ho isa En-Eglaime, ke moo ho tla alwa matlowa. Dihlapi tsa teng e tla ba tse mefutafuta, jwaloka dihlapi tsa Lewatle le Leholo; di tla ba ngata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ