Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 26:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 ke tla o lahlela hammoho le ba theohelang sehokong, ho ditjhaba tsa kgale, ke o ahise lefatsheng le tebileng, masuping a sa feleng, hammoho le ba theohetseng sehokong, hore o tle o se ke wa hlola o ahuwa: athe ke tla bea kganya lefatsheng la ba utlwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 ke tla o theolela tlase, hammoho le ba theohelang tlase mohohlong, ho setjhaba sa boholoholo. Ke tla o dudisa lefatsheng le katlase, masuping a boholoholo, mmoho le ba theohelang tlase mohohlong. Ha o ka ke wa hlola o kgutla teng kapa o eba le kabelo lefatsheng la ba phelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 26:20
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hola ke sa ka ka dumela hoba ke tla bona molemo wa Jehova lefatsheng la ba utlwang, nka be ke timetse!


Jehova, ke howeletsa ho wena! Lefika la ka, o se ke wa nthibanela ditsebe; esere mohlomong, ha o ka nkgutsetsa, ka ba jwaloka ba theohelang lebitleng.


Kaofela ha bona ba ema, ba re ho wena: Ehe, hleka le wena o fedile jwaloka rona? hleka o entswe ya tshwanang le rona na?


Le katlase, nqalo ya bafu e fudueha bakeng sa hao, ho o kgahlanyetsa ha o fihla; e tsositswe diriti ka baka la hao, e leng tsa bohle ba matla ba lefatshe, le marena kaofela a ditjhaba e a raositse teroneng tsa wona.


Mme Jehova o tla hlahisa hodima bophara bohle ba thaba ya Sione le hodima diphutheho tsa hae leru le mosi nyene, le kganya ya malakabe a mollo bosiu; hobane ke sona serireletso se tla apesa kganya yohle.


Re sika le lerako ka ho phopholetsa jwaloka difofu, re phopholetsa jwaloka hola re se na mahlo; re kgoptjwa motshehare jwaloka hoja e le bosiu; leha re le makgulong a nonneng, re tshwana le bafu.


Motse ona ho nna e tla ba lebitso la thabo le dithoko le kganya pela ditjhaba tsohle tsa lefatshe tse tlang ho utlwa molemo kaofela oo ke tla o etsetsa wona; di tla tshaba, di thothomele ka baka la molemo wohle le la boiketlo bohle boo ke tlang ho o etsetsa jona.


O ntudisitse dinqalong tse lefifi, jwaloka bafu ba shweleng kgale.


e le hore difate tsohle tse hlomilweng pela metsi di se ke tsa ikgohomosa ka boholo ba tsona, di se ke tsa bonahatsa dintlha tsa tsona hara maru, mme difate tsohle tse nwang metsi di se ke tsa tiisetsa boikakasong ba tsona; etswe tsohle e le tse neetsweng lefu, hore di theohele lefatsheng le katlase, baneng ba batho, hammoho le ba theohelang sehokong.


Ke tla tumisa lebitso la ka le kgethehileng hara setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla dumela hore ho hlomphollwe lebitso la ka le kgethehileng; mme ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova Mohalaledi wa Iseraele.


Leha ba ka phunya nqalo ya bafu ho tshabela teng, le teng letsoho la ka le tla ba ntsha; leha ba ka nyolohela lehodimong, ke tla ba theola teng.


a re: Ha ke ne ke le mahlomoleng, ka bitsa ho Jehova, mme a nkutlwa; ke le mpeng ya nqalo ya bafu, ka howeletsa, mme wa utlwa lentswe la ka.


Ke ne ke theohetse tlase metheong ya dithaba, lefatshe le ne le nkwaletse ka mekwallo ya lona ho isa ho sa feleng. Ebile o nyolla bophelo ba ka sekoting, Jehova, Modimo wa ka.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ka ho re ho bonahatswe kganya ya hae a nthomileng ho ditjhaba tse le hapileng; hobane ya le amang o ama thaka ya leihlo la hae;


empa ekare ha Jehova a etsa mohlolo, ha lefatshe le ahlamisa molomo wa lona, le ba metsa le tsohle tseo ba nang le tsona, mme ba theohela lempatung ba ntse ba utlwa, teng le tla tsebisisa hobane batho bao ba nyedisitse Jehova.


Bona le tsohle tseo e leng tsa bona, ba theohela lempatung ba utlwa; lefatshe la ba kwahela, mme ba nyamella hara phutheho.


Le wena Kapernauma, ya phahamiseditsweng lehodimong, o tla kokobeletswa nqalong ya bafu; hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno.


Haele wena Kapernauma, ya phahamisitsweng ho fihlela lehodimong, o tla kokobetswa ho fihlela nqalong ya bafu.


mme ha o sa ka wa hauhela lefatshe la kgale, wa mpa wa boloka Nowe, mmoledi wa ho loka, e le yena wa boroba meno e le mmedi, mohla o tlisang morwallo hodima lefatshe la banyefodi;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ