Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 26:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke tla kgaoletsa modumo wa dipina tsa hao, mme ha ho sa tla hlola ho utluwa modumo wa diharepa tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ke tla fedisa dipina tsohle tsa hao, le modumo wa diharepa tsa hao ke o fedise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 26:13
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ra feha diharepa tsa rona meduwaneng ya teng;


Bokgabane ba hao bo akgetswe bafung, le melodi ya diharepa tsa hao; tshenyane ke malao a hao katlasa hao, o apesitswe ka diboko.


wena, motse o tletseng moferefere, motse wa marata, o batlang menyaka feela? Ba hao ba bolailweng ha ba ka ba wa ka lerumo, ha ba ka ba eshwa ntweng.


O itse: Ha o sa tla thaba, wena morwetsana ya senyehileng, moradi wa Sidone! Tsoha, o ikele Kittime, o tshelele teng; empa le teng o ke ke wa bona phomolo.


Nka harepa, seotswa se lebetsweng, o qete diterata tsa motse ka yona, o tee molodi o motle, o eketse dipina tsa hao, o tle o hopolwe.


Na ke wona motse wa lona wa menyaka, oo ho qala ha wona ho isang mehleng ya boholoholo, oo maoto a wona a neng a o isa hole hore o yo haha teng?


Harepa le lesiba, moropa le phala le veine, ke tsona mekete ya bona, empa ha ba ele mosebetsi wa Jehova hloko, ha ba bone morero wa matsoho a hae.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya kgutsisa nqalong ena, pela mahlo a lona le mehleng ya lona, lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.


Ke tla kgutsisa ho bona lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, modumo wa lelwala le lesedi la lebone.


Mme metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke tla kgutsisa lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane lefatshe le tla be le entswe lesupi.


O ne o le Edene, tshimong ya Modimo; o ne o apesitswe ka mahakwe wohle a mefuta, a bohlokwa, e leng rubise, topase, daemane, krisolithe, onikse, jaspe, safire, karbunkele, emerauta le kgauta. Ha hao, ho ne ho lokisitswe tshebetso ya meropa le ya diphala, haesale o hlaha.


Ke tla fedisa menyaka ya hae yohle, ke fedise mekete ya hae le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le Disabatha tsa hae, le diphutheho tsa hae tse mahlonoko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ