Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 26:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Lerole la bapalami ba hae le tla o apesa ka baka la bongata ba bona; modumo wa bapalami ba hae, le wa mabidi a hae, le wa makoloi a hae, o tla reketlisa marako a hao, mohla a kenang ka dikgoro tsa hao, jwalokaha ho kenwa motse o entsweng sekgeo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Dipere tsa hae di tla ba ngata hoo di tla o kwahela ka lerole. Lekitikiti la dipere, le la makoloi le la dikariki tsa ntwa le tla sisinya mabota a hao, ha a kena dikgorong tsa hao jwaloka banna ba kenang motseng oo marako a wona a heleditsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 26:10
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Balaodi kaofela ba morena wa Babilona ba tla, ba emisa monyakong o mahareng; e le Nergale-Sharetsere, Samgare-Nebu, Sarsekime, molaodi wa balebedi, Nergale-Sharetsere, motsamaisi wa ba bohlale, le matona a mang kaofela a morena wa Babilona.


Bonang, mosenyi o nyoloha jwaloka maru, makoloi a hae a jwaloka sefefo, dipere tsa hae di feta dintsu ka lebelo. Ho madimabe rona, hobane re a tubakanngwa.


ka baka la modumo wa ho hata ha ditlhako tsa dipere tsa hae tse matla, le la ho matha ha makoloi a hae le ho dumaduma ha maoto a wona. Bontata bana ha ba tadime bana, hobane ho fokotse matsoho;


Ba ya tla ho wena ka dibetsa le ka makoloi le ka mabidi, le ka letshwele la ditjhaba, ka thebe le thejana le heleme; ba tla o teela hare. Ke tla bea kahlolo pela bona, ba o ahlole ka mokgwa wa bona;


Morena Jehova o re ho Tire: Ha ke re, dihlekehleke di tla reketliswa ke modumo wa ho wa ha hao, le ke ho bobola ha ba hlabilweng, le ke polao e tla etswa ha hao?


Hobane Morena Jehova o re: Bonang, ke tla lata Nebukadresare, morena wa Babilona, morena wa marena, leboya, ke mo tlise Tire, a tle ka dipere, le makoloi, le bapalami, le setjhaba, le sera se seholo.


O tla neela dipheleu tsa hae marakong a hao, a heletse ditora tsa hao ka dibetsa tsa hae.


Ka modumo wa mehoweletso ya batsamaisi ba dikepe tsa hao, mabopo a tla reketla,


Ebile setjhaba se hlaba ditlatse, ha letswa diterompeta, mme setjhaba ha se utlwa modumo wa diterompeta, sa hlaba ditlatse tse kgolo; lerako la heleha kaofela; setjhaba sa nyolohela motseng; e mong le e mong pela hae, mme ba kena motse.


Etlere ha ba letsa halelele ka manaka a tlerolang, ha le utlwa modumo wa terompeta, setjhaba kaofela se hlabe ditlatse tse kgolo; mme lerako la motse le tla heleha kaofela, mme motho ka mong o tla nyoloha hona pela hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ