Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 25:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 ka baka leo, bona, ke tla o otlollela letsoho la ka, ke tle ke o neele ho rusolelwa ke ditjhaba, ke o kgaole hara ditjhaba, ke o timetse dinaheng tsohle; ke tla o fedisa, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 ka baka leo, ke tla otlollela letsoho la ka hodima lona, ke neelane ka lona ho baditjhaba. Ke tla le ripitla hore le se hlole le eba setjhaba hara ditjhaba tse ding le hore le se hlole le eba le naha, ke le timetse le tle le tsebe hore ke nna Morena.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 25:7
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Letlotlo la lona leo le le hapileng, le tla hlakolwa ka mokgwa oo ditsie di hlakolwang ka wona; batho ba tla itihela ho lona ka mokgwa oo bookgolane bo welang jwang ka wona.


Ka baka leo, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ke tla hlaba mokgosi wa ntwa ka wona hodima Rabba wa bana ba Ammone, mme o tla etswa qubu ya dithako, metse ya bona e tjheswe ka mollo; mme Iseraele o tla rua lefa la ba neng ba mo ruile, ho bolela Jehova.


Joko ya makgopo a ka e tlamilwe ke matsoho a hae; a thatilwe, a boima molaleng wa ka; o fedisitse matla a ka; Morena o nneetse matsohong a eo ke sitwang ho mo hanela.


Leha moporofeta a ka thetswa, a ba a bua polelo, e tla ba nna, Jehova, ke thetsitseng moporofeta eo; ke tla mo otlollela letsoho la ka, ke tle ke mo timeletse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


ke o tshollele kgalefo ya ka; ke tla o budulela mollo wa bohale ba ka, ke o neele diatleng tsa banna ba tshabehang, ba masene a ho timeletsa.


O tla ba dijo tsa mollo, madi a hao a phalle hara naha; ha o sa tla hopolwa ke motho; hobane ke nna Jehova ke boletseng.


ke ya le phetlela bana ba Botjhabela ba futuhelang bana ba Ammone, ke tla ba neela lona ho ruwa ke bona, hore ho se ke ha hlola ho hopolwa bana ba Ammone hara ditjhaba,


ka baka leo, Morena Jehova o re: Ke tla otlollela naha ya Edomo letsoho la ka, ke kgaole batho le dikgomo teng, ke be ke e etse nahathothe ho tloha Themane, mme ba tla dihuwa ke lerumo ho ya fihla Dedane.


ka baka leo, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla otlollela Bafilesta letsoho la ka, ke kgaole Bakerethe, ke timetse ba setseng pela lebopo la lewatle.


O tla fetoha nqalo eo ho alwang matlowa ho yona hara lewatle, hobane ho boletse nna: ho rialo Morena Jehova; o tla neelwa ho tlatlapuwa ke ditjhaba.


o re ho yona: Morena Jehova o re: Bona, ke tla o futuhela, thaba ya Seire, ke tla o otlollela letsoho la ka, ke o etse lesupi le tshenyeho.


Ke tla ba otlollela letsoho la ka, ke etse lefatshe la bona lefeella le lebe ho feta lefeella la Dibla, hohle moo ba ahileng teng. Mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima Juda le hodima baahi bohle ba Jerusalema, ke tle ke timeletse nqalong eo masala wohle a Baale, lebitso la baruti ba ditshwantsho hammoho le baprista;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ