Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 25:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 ka baka leo, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla otlollela Bafilesta letsoho la ka, ke kgaole Bakerethe, ke timetse ba setseng pela lebopo la lewatle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla otlollela letsoho la ka hodima Bafilesita, ke bolaye Bakerete, ke timetse le masalla a ba phelang lebopong la lewatle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 25:16
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele bahlanka ba hae, ba tsamaya kamathoko ho yena; Bakerethe le Bapelethe bohle, le bohle ba Gathe, e leng batho ba makgolo a tsheletseng, ba tlileng le yena ha a tloha Gathe, ba etella morena pele.


le bajaki kaofela, le marena wohle a lefatshe la Utse, le marena kaofela a lefatshe la Bafilesta, le Ashkelone, le Gasa, le Ekrone, le ba setseng ba Ashdode;


ka baka leo, Morena Jehova o re: Ke tla otlollela naha ya Edomo letsoho la ka, ke kgaole batho le dikgomo teng, ke be ke e etse nahathothe ho tloha Themane, mme ba tla dihuwa ke lerumo ho ya fihla Dedane.


ka baka leo, bona, ke tla o otlollela letsoho la ka, ke tle ke o neele ho rusolelwa ke ditjhaba, ke o kgaole hara ditjhaba, ke o timetse dinaheng tsohle; ke tla o fedisa, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova.


ke tla timetsa ba ahileng Ashdode le ya tshwereng lere la borena Ashkelone. Ke tla boela ke otlolle letsoho la ka hodima Ekrone, mme Bafilesta ba setseng ba tla fela: ho itswalo ke Morena Jehova.


Re kile ra futuhela nqa borwa ho Bakerethe le ho Juda, le nqa borwa ho Kalebe, re bile re tjhesitse le Tsiklage.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ