Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 25:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke tla iphetetsa ho Edomo ka setjhaba sa ka sa Iseraele; ba tla etsetsa Edomo ka bohale ba ka le ka kgalefo ya ka, mme ba tla tseba phetetso ya ka: ho rialo Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ke tla iphetetsa hodima Edomo ka letsoho la setjhaba sa ka sa Iseraele. Se tla otla Baedomo ho ya ka bohale ba ka le kgalefo ya ka, mme bao ba tla tseba boiphetetso ba ka, ho rialo Morena.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 25:14
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!


Ba tla fofela nqa bophirimatsatsi ka mahetla a Bafilesta: hammoho ba tla patela bara ba botjhabela, ba tshware Edomo le Moabe, bana ba Ammone ba buswe ke bona.


Ka baka leo, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ke tla hlaba mokgosi wa ntwa ka wona hodima Rabba wa bana ba Ammone, mme o tla etswa qubu ya dithako, metse ya bona e tjheswe ka mollo; mme Iseraele o tla rua lefa la ba neng ba mo ruile, ho bolela Jehova.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla o emela kgotla, ke o pheteletse; ke tla omisa letsha la hae, ke pshese sediba sa hae.


Ke tla ba etsetsa ka ditefetso tse kgolo le ka dikgalemelo tsa kgalefo; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, mohla ke beang tefetso ya ka hodima bona.


ha ho le jwalo, ka nna ya phelang, ho bolela Morena Jehova, ke tla etsa ka kgalefo ya hao le ka lefufa la hao, jwalokaha o ba entse ka hloyo ya hao; ke tla itsebahatsa hara bona ka kahlolo eo ke tla o ahlola ka yona;


Ha ke leotsa lerumo la ka le benyang, mme letsoho la ka ha le tshwara kahlolo, ke tla iphetetsa ho dira tsa ka, ke busetse ho ba ntlhoileng.


Etsang ditlatse tsa thabo, lona ditjhaba, hammoho le setjhaba sa hae; hobane o ya pheteletsa madi a bahlanka ba hae, a itefetse ho dira tsa hae; mme o tla etsetsa lefatshe la hae le setjhaba sa hae pheko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ