Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 25:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Morena Jehova o re: Erekaha Baedomo ba entse phetetso e thata ka ntlo ya Juda, ba ikentse molato haholo ka ho iphetetsa ho yona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Morena Modimo o bua tjena: “Erekaha Edomo e ipheteditse ho ba ntlo ya Juda, mme ya eba molato o moholo ka ho etsa jwalo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 25:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae!


Boporofeta hodima Duma: Mohoo o tswang Seire o fihlile ho nna, o re: Sebohodi, nako ya bosiu ke efe? Sebohodi, nako ya bosiu ke efe?


Hobane lerumo la ka le tahilwe lehodimong; bonang, le tla theohela hodima Edomo le hodima setjhaba seo ke se neetseng thohako.


Ke mang eo ya tlohang Edomo, ya tswang Botsra, ka diaparo tse takilweng ka bofubedu, ya kganyang ka kobo ya hae, ya tsamayang ka boholo ba matla a hae? Ke nna ke bolelang ho loka, ke nang le matla wohle a ho boloka.


mme ke tla hlahisetsa Moabe dikahlolo tsa ka, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Hape, Morena Jehova o re: Erekaha Bafilesta ba entse phetetso, mme ba entse tefetso e thata ka baka la kgeso eo ba neng ba na le yona dipelong tsa bona, ba ratile ho timeletsa setjhaba sa ka ka hloyo e sa feleng;


Morena Jehova o re: Erekaha Moabe le Seire ba itse: Bonang, ntlo ya Juda e tshwana le ditjhaba tsohle;


Edomo o teng, le marena le marenana wohle a hae, a beilweng le ba bolailweng ke lerumo, leha e ne e le bahale. Le bona ba robetse ho maqai le ho ba theohetseng sehokong.


Morena Jehova o re: Mollong wa poulelo ya ka, kannete ke nyatsa ditjhaba tse ding le Edomo kaofela, tse inkelang lefatshe la ka ho le rua; di thabetse hoo ka pelo yohle, di le kgesa ka moya wohle, hore di le neele kgapo!


Tshenolo ya Obadia. Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ