Ba tla tjhesa matlo a hao ka mollo, ba o otle ka dikahlolo pontsheng ya basadi ba bangata; ke tla etsa hore o phetse ho ba seotswa, mme ha o sa tla nea ba bang moputso.
ke ya le phetlela bana ba Botjhabela ba futuhelang bana ba Ammone, ke tla ba neela lona ho ruwa ke bona, hore ho se ke ha hlola ho hopolwa bana ba Ammone hara ditjhaba,
Ba tla aha teng ka boiketlo, ba hahe matlo, ba hlome merara, mme ba tla aha ka boiketlo, mohla ke hlahisang dikahlolo hodima ba neng ba ba nyedisa, ba ba teetse hare ka nqa tsohle; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona.
Jwalokaha o ne o thabele lefa la ntlo ya Iseraele, kamoo le neng le senyehile kateng, ke tla o etsa jwalo; o tla fetoha lefeella, wena thaba ya Seire, le Edomo kaofela ha hae; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.
Ha ho le jwalo, hona ha hao ba nang le bana ba tla ja bara ba bona, bara ba je bontata bona, mme ke tla o hlahisetsa dikahlolo, ke qhalanyetse masala wohle a hao ka nqa tsohle.
Hoo e tla ba sekgobo le nyediso, thuto le makatso pontsheng ya ditjhaba tse o teetseng hare, mohla ke o hlahisetsang dikahlolo ka bohale, le ka kgalefo, le ka dikgalemelo tse bohloko. Ke nna Jehova ke buang taba tsena.
Bonang, Morena o tlile le bahalaledi ba hae ba diketekete ho etsa kahlolo hodima bohle, le ho kgalemela banyefodi bohle ka baka la diketso tsohle tsa bonyefodi, tseo ba sitilweng ka tsona, le la dipolelo tsohle tse thata, tseo baetsadibe bao ba banyefodi ba di buileng hodima hae.